Boko le boitshwaro. The brain and the behaviour Sesotho B&W

Similar documents
DIKHOMIKI Sesotho TSE KOPANYANG DITJHABA Bahale ba Diphetoho

Lesson Plans Gr. 1 Term 3 Sesotho

Bana beso ho phatlalla le lefatshe

Setho se Ratehang sa Bohlokwa PHETOHELO HO MOKGATLO WA KGWEBO O TSAMAISWANG KE SEHLOPHA SA BATHO WA MANTLHA (PRIMARY CO-OPERATIVE)

UNIVERSITY OF SWAZILAND FINAL EXAMINATION PAPER- MAY 2012 SECOND LANGUAGE (SOUTHERN SOTHO) 1. ANSWER ALL THE QUESTIONS.

Letsatsi la Kotulo la selemo le selemo la. Ntshetsopele ya Molemi e kgahla NAMPO. Bala Ka Hare: PHUPU 2014

Melao ya Motheo ya Kgwebo ya Kopanelo ya Nestlé

*16 22 Phato SABATHA MOTŠEARE OA MANTSIBOEA. Deut. 32:4; Ps. 28:1; Johanne 17; Johanne 15:1 5; Matt. 7:1 5; Matt. 5:23, 24; 18:15 18.

SESOTHO HOME LANGUAGE LESSON PLAN EXEMPLARS GRADE 3 TERM

AFRICA BAKENG SA maafrika A LENG MONA MMOHO LE A LENG. THEHA DIKAMANO TSA SEJHABA SA maafrika BOEMONG BA

Moena Neville, le Moena Capps, le Moena Collins, le basebeletsi MOSEBETSI O TSWILENG MATSOHO 1

Tataiso ya Melao ya Boitshwaro. Melao ya Boitshwaro. Matla a ho etsa kgwebo hantle

HLOMAMISO 1 HLOMAMISO

THUTO TSA SEKOLO SASABATA. Bophelo ba Abrahama

KEREITI 12 LOETSE 2012 SESOTHO PUO YA LAPENG PAMPIRI YA 2

LETSHWAO LA SEBATA 1. Letshwao La Sebata

Mmampodi twantshong ya mahola. Bala Ka Hare: MPHALANE Koranta ya Grain SA ya bahlahisi ba ntseng ba hola

PULA IMVULA. Jwalo ka ha ho etsahala bophelong ba. Sekgahla sa mycotoxin bophelong ba diphoofolo. Bala ka hare: Phato 2017

Buka ya ka ya Tirogae (2)

Moapostola wa Bophelo. 16 Phupjane Hlakola Novena Prayer

Drive your imagination. Happy birthday, Nal'ibali! Mahlohonolo a Letsatsi la Tswalo, Nal'ibali! Read with me. Every day. Bala le nna. Kamehla.

GRADE 10 SETSWANA PUOTLALELETSO YA BOBEDI PAMPIRI YA BORARO 4. NATIONAL SENIOR CERTIFICATE EXAMINATION MADUO: 80. NAKO: 3 diura

The House rose to observe a moment of silence in honour of the late Makhaketla Leipa

Published by Nalane ka Fezekile Futhwa PO Box 1452 Alberton 1450

Expression 889. Manual. Stitches. Sewing Machine. + On/off switch + 4 step button hole + Stitch width control. Bukanayaditaelo Ibhukwa Lemiyalelo

The$Management$of$Spinal$Pain$without$ Serious$Pathology$or$Neurological$Deficits$

Feesprogram / Festival Programme

ba habo, a tšelela a nyala moetsalibe, mosebeletsi oa lisèto, a rapela melingoana. A nyala Jesebele. Me e se molumeli.

NATIONAL SENIOR CERTIFICATE MOPHATO 12

SSB/TRP/MDM 2009(54) Peer reviewed and revised

THOTLOETSO. Dulang. 2 Ke itumetse tshokologong eno go ema fano gape, mme fa. 3 Jalo, fela ke batla go bua sena, motlhang ke fitlhang kwa

6. Temo ea lifate tsa litholoana

MADU A A PHUNYEGILENG

E.K.K. MATLALA: MONGWADI WA DITAODIŠO TŠA MATHOMO TŠA SEPEDI

MADU A A PHUNYEGILENG

Mr Jeremiah Madiba CHIEF EXECUTIVE OFFICER

Kereke Le Seemo Sa Yone

UNIVERSITY OF CAMBRIDGE INTERNATIONAL EXAMINATIONS General Certificate of Education Ordinary Level

Bukana e e dirilwe ka thotoetso ya batho ba lefatshe la America ka lenaneo la Presidents Emergency Plan for Aids Relief (PEPFAR) le U.

PEGELO YA PHOLISI YA BOSETŠHABA YA KHARIKHULAMO LE TLHATLHOBO MEPHATO R-3

tse di rileng tse di tshwanetseng go gakologelwa fa re uma mmidi.

baanelwa ba diteng; baanelwa ba thulaganyo; baanelwa ba ba sa itekanelang; le baanelwa ba ba itekanetseng.

Ge mofetoledi (1987: vii) a bolela ka ga puku yeo ya Kristeva, ore:

O rata LovCash thata. YBB e tlhagisa Motseleganyi wa Ngwaga. Patlisiso e e tlhomologile ya HIV go thusa bomme le bana

Bolemirui ba mofuta mongwe le mongwe. Nako e gorogile go tlhoma MOLEMIRUI WA NGWAGA. Bala Moteng: DIPHALANE Lekwalo la Grain SA la balemipotlana

Government Gazette Staatskoerant

Kanegelo ya Nimirode: Re lebelela diphihlelelo tša gagwe ka lefsa

thuto Lefapha la Thuto REPHABOLIKI YA AFERIKA BORWA Pegelo ya Kharikhulamo ya Bosetπhaba Kereiti (Tsela ya go Ithuta ya Kakaretso) DIPUO

YBB e fentse sekgele gatlhano jaanong Badirammogo

Bakaulengwe, go molemo go

koranta eabasebetsi april 1974

Gated communities in South Africa: Tensions between the planning ideal and practice

PUSO YA DIKGAOLO MO BOTSWANA BUKANA YA LENANEO LA BONG

Government Gazette Staatskoerant

Boleo kgatlhano le Modimo

ENNIAH MATEMANE LEKGANYANE

NATIONAL SENIOR CERTIFICATE KREITI YA 12

Alumni. Awards/Toekennings

Die Rektor en Visekanselier, prof.

Die afgelope tyd was baie moeilik

KGATISO 8 No 6 Diphalane Lekwalodikgang la Badirammogo ba YBB Madiba Mop Manie

UNIVERSITY OF CAMBRIDGE INTERNATIONAL EXAMINATIONS General Certificate of Education Ordinary Level

Mangoroo e anela ka ga mathata, rnangoroo

Boitsholo jo bo itshekileng 01203_763_Chastity.indd 1 4/18/13 9:52 AM

NWU JUNIE Gesels saam op. Johnson-broers besoek Fakulteit. RSG gesels met dr Mandie Uys. Partners in Education

LEFAPHA LA TEMOTHUO, JALO YA DIKGWA LE BODIRELATLHAPI REPHABOLIKI YA AFORIKABORWA

Academic Achievers Awards 2016

Alles aan die UV is in rep en roer vir die

Visie, Waardes en Missie

TO IMPROVE LIVESTOCK BOREHOLE DATABASE IN KGALAGADI DISTRICT COMMUNAL GRAZING AREA

Cambridge International Examinations Cambridge Ordinary Level

41/2/9 Student Affairs Programs and Services General Correspondence, Box 1:

Koleke Ōlelo Hawai i o Ka Haka Ula O Ke elikōlani NĀ HA AWINA KĀLĀ HELE KULANUI, LĀ PALENA PAU: 15 Apelila 2016

KERNKONSEPTE / KEY CONCEPTS/ KAKANYOKGOLO

Academic Achievers Awards. Toekennings vir Akademiese Presteerders Difoka tša Thuto tša Bao ba Atlegilego

This text was narrated by Stephen Theseira ( ), Praya Lane, Malacca, 1981.

JAARVERSLAG 2013 Omslag_vir litho_finaal_5 Aug_converted.indd /08/05 10:40:00 AM

Moms are models! Bomma ke mehlala! Drive your imagination. Story Power. Bring it home. Tliša maatla a kanegelo ka gae.

Y2Y Champ Middle - Results

BOARD OF COUNTY COMMISSIONERS AGENDA ITEM SUMMARY PLACEMENT: CONSENT PRESET: TITLE: ACCEPTANCE OF A DRAINAGE EASEMENT FROM CASA PISCES, LLC (CASA)

Yarmouth County Registry of Deeds

City of Seattle Office of Housing

City of Stockton Official Records in San Joaquin County Historical Society and Museum (Feb. 11, 2010)

23,839 sq ft (2,215 sq m)

Consideration of a Redevelopment Area Designation for the Study Area

AIDS. HELPLINE I oaoo I. We all have the power to prevent AIDS. Prevention is the cure

Provincial Gazette Provinsiale Koerant Gazete ya Xifundzankulu Kuranta ya Profense Gazethe ya Vundu

Results M10 M12 M14 M16 M18 M20 M21 M35 M40 M45 M50 M55 M60 ME W10 W12 W14 W16 W18 W20 W21 W35 W40 W45 W50 W55 WE

S.F. Express Circle K Convenience Store Self-pickup Service Service Coverage: Kowloon

Annex B. Notification and Registration Public Participation Material

Government Vaccination Programme 2018/19 List of HA GOPCs for GVP Vaccination

Welcome to the MAG Family

From Western District to Airport

Recommended District Council Constituency Areas

Silk Condominium Ao Nang. 143 Moo 2 Ao Nang, Krabi Thailand between 10am-6pm,

FILED: NEW YORK COUNTY CLERK 08/09/ :42 PM INDEX NO /2015 NYSCEF DOC. NO. 62 RECEIVED NYSCEF: 08/09/2016

Gedurende die hersiening van die Institusionele

Recommended District Council Constituency Areas

Developer Guidelines. Submission Date :59:51. Requested SORO NC Land Use Committee meeting date 08/08/2017. Planning case number

Koudjay SYDNEY GUILLAUME. Music by. for SSA Chorus, unaccompanied. Text by GABRIEL T. GUILLAUME. Copyright 2008 Sydney Guillaume All Rights Reserved

Transcription:

PBO 930022142 NPO 049-191 PBO 930022142 NPO 049-191 Boko le boitshwaro Source: mynextbrain.com/blog/?page_id=110 Lefu la Alzheimer ke bohloko ba tshenyeho ya kelello bo amahanngwang le tahlehelo e tswellang ya disele tsa methapo-kutlo kapa dinyurone. Lefu lena le qetella le pharaletse le boholo ba dikarolo tsa boko. Leha ho le jwalo, dibopeho tse dulang di fetoha tsa tshenyeho di ka fapafapana ho ya ka batho ho fapana. Ka lebaka lena, motho ka mong ya nang le lefu lena a ka ba le sehlopha sa mathata le diketsahalo tsa hae tse rarahaneng, tse ikgethileng bakeng sa hae. Leqephe lena la tlhahisoleseding le hlalosa hore ke dikarolo dife tsa boko tse ikarabellang ka tsela e kgolo bakeng sa ditsebo le bokgoni le ka moo diphetoho boitshwarong, kgopolong le monahanong tseo re di bonang bathong ba tshwerweng ke Alzheimer tse ka beng di bakilwe ka kotloloho ke tsela eo lefu lena le ammeng boko. Boko bo na le dikarolo tse kgolo tse tharo: boko bo kamorao, boko bo bohareng le boko bo kapele (sheba setshwantsho sa 1). Boko bo kamorao le bo bohareng bo sebetsa haholo bakeng sa ditshebetso tsa tshehetso ya bophelo jwalo ka kgatello ya madi le phefumoloho. Ka tsela e fapaneng, boko bo ka pele bo ikarabella bakeng sa bongata ba ditshebetso tsa bohlokwa bo phahameng jwalo ka kgopolo le puo.

Karolo e thokwa ya boko (Cerebral cortex) Source: www.brainandnerves.com/.../ouramazing-brain-/ Karolo ya bohlokwa ka ho fetisisa ya boko bo ka pele ke 'cerebral cortex, e leng kgetla e tshesane e kwahetseng bokahodimo ba boko bo ka pele. Lera lena le lesesane le rarahane le ho meneha hangata hore le eketse sebaka sa lona. Ka lebaka lena cortex e le nngwe feela e na le palo e makatsang ka bongata ya disele tse dimilione tse leshome ( karolo e thokwa ). Ka tlasa cortex ena e pakehileng ka ho tiya ho na le di-fibre) ( karolo e tshweu ) e tsamaisang tlhahisoleseding ho potoloha le cortex le ho ya dikarolong tse ding tsa boko (sheba setshwantsho sa 3) Meharelo Ho re thusa ho hlalosa dikarolo tse fapaneng tsa boko, boko bo ka pele bo arotswe ka dikarolo tse nne kapa meharelo e bontshitsweng setshwantshong sa 2. Moharelo wa occipital o kamorao ho boko mme o sebetsana haholoholo le tlhahisoleseding ya pono e tswang mahlong. Moharelo wa parietal o dutse karolong e ka morao ya boko mme o ikarabella bakeng sa tlhahisoleseding e mabapi le dikamano tsa sebaka le sebopeho. Moharelo wa temporal o dutse ka tlasa moharelo wa parietal mme o sebetsana le kgopolo. Qetellong, moharelo wa frontal o ka nkuwa jwalo ka setsi sa rona sa phethahatso le taolo. Re tla tshohla tshebetso ya moharelo ka mong ka botlalo ha morao. Dikarolo tsa halofo Hape boko bo bopilwe ka dihalofo tse pedi tse bitswang di-hemisphere, tsa leqeleng le ho le letona. Dikarolo tsena tsa halofo ha di a arohana ka ho phethahala di hokahantswe ke di-fibre tse di dumellang ho buisana. Leha dikarolo tsena tsa dihalofo di shebeha di batla di tshwana kantle, halofo e nngwe ka tlwaelo e phahametse e nngwe ka matla. Bathong bohle ba sebedisang letsoho le letona le bongata ba batho ba sebedisang letsoho le letshehadi, ke halofo e ka leqeleng e matla ho feta e nngwe.

Maano a tlhophiso Ho na le maano a itseng, a bonahalang a laola tlhophiso ya boko. Karolo e dipakeng tsa dihalofo tsena tse pedi e supa le leng la maano ana Tshebetso e bapileng. Tshebetso e bapileng e bolela hore lehlakore le leqeleng la boko le etsa mesebetsi le phetha hantle ka ho fetisisa mesebetsi e meng, ha e meng e phethwa ke lehlakore le ho le letona. Sistiming ya mathapo-kutlo ya batho, halofo ya boko e leqeleng e laola lehlakore le ho le letona la mmele ha halofo e ho le le letona e laola lehlakore la leqele la mmele. Ha se ditshebetso tsohle tse arolwang ka ho lekana le ha ho le jwalo. Ho etsa mohlala, puo ke tshebetso e etswang ke halofo ya boko e matla (ka tlwaelo e ka leqeleng). Tlhahisoleseding hape e bontshitswe ka tlhopho ya sebopeho sa mmapa kahara boko. Ho etsa mohlala, cortex ya motsamao, e romelang ditaelo tsa motsamao mesifeng, e hlophisitswe ka tsela eo dikarolo tsa mmele tse atamelaneng (jk. letsoho le senoko sa letsoho) di laolwang ke dihlopha tsa disele, tseo le tsona di atamelaneng (sheba setshwantsho sa 3). Ho boloka tlhahisoleseding e amanang sebakeng se le seng ho cortex ho thusa ho boloka palo ya mehala e kopanyang dipakeng tsa disele tse pedi ho ba tse mmalwa feela ho boloka sebaka. E ka ba nyenyefatso e kgolo ho bolela feela hore sebopeho sa boko se rarahane. Leha ho le jwalo, ka ho ithuta boitshwaro ba bokgoni ba ditemoho tse ho bobedi batho ba nang le boko bo phetseng hantle le ba nang le boko bo senyehileng, borasaense ba kgonne ho fumana ditshebetso tsa bohlokwa tsa dibaka tse fapaneng tsa boko. Re sheba mona hore na meharelo e mene ya boko e tlatsetsa jwang ho ka moo re fumanang lefatshe la rona le le ka teng, re qala kamorao ho boko ka moharelo wa occipital. Moharelo wa occipital Leha mahlo e le mohlodi wa tlhahisoleseding ya pono ya lefatshe le re potapotileng, bonnete ke boko bo etsang jwalo, bo etsang bongata ba mosebetsi ona o thata.

Mahlo a fetolela tlhahisoleseding ya methapo-kutlo e mabapi le kganya ho dikutlo (imphalse) tsa motlakase, empa di sa ntse di fetisetswa ho boko bakeng sa ho tolokwa. {0>This division of labour means we have to distinguish between acuity and perception. <}0{>Karolelano ya mosebetsi e bolela hore re lokela ho hlalohanya dipakeng tsa ho tjhora le tjhebo. <0} Ho tjhora ha pono Bokgoni ba ho bona dintho tse myane bo fihlelwa ka mosebetsi wa leihlo bolona. Tjhebo e fihlellwa ka meharelo ya occipital le parietal ka tlhahisoleseding e mabapi le mmala, sheipi le motsamao e manollwang ka karohano ke occipital cortex pele e fetisetswa moharelong wa parietal bakeng sa tswakanyo ho phethela setshwantsho sa 3D sa lefatshe. Ka lebaka lena, motho e mong a ka ba le bothata ba ho bona seo ntho e leng sona, ho sa natswe hore mahlo a hae bobedi a na le sheipi e phethahetseng kapa tjhe. Leha ho le jwalo, ho ntse ho hlokeha ho phahamisa pono ya mahlo a bona (ho etsa mohlala, ka digalase tsa tokiso ya mahlo) e le hore boko bo be le tlhahisoleseding e ngata ka moo ho hlokehang eo bo tla sebetsa ka yona. Moharelo wa parietal Ditshebetso tsa moharelo wa parietal di batla di fapakane haholo, mme ho na le phapang e kgolwanyane dipakeng tsa lehlakore le matla le le seng matla. Moharelo wa parietal o matla Moharelo o matla wa parietal (hangata o halofong ya leqele) o ka nkuwa e le o shebaneng le dintho tseo re lokelang ho di hlophisa mmoho kapa ho etsa sebopeho. Ka hona, mesebetsi e jwalo ka ho bala le ho ngola (di hloka ho kopanya diletere le mantswe mmoho) le ho sebetsa dipalo (e leng se mabapi le ho hlophisa le ho kopanya dinomoro) di itshetlehile ka ho kgetheha hoholo hodima moharelo wa parietal o matla. Lehlakore lena la moharelo wa parietal le hlwailwe haholo ka hore le amana le bokudi bo bitswang apraxia ( temalo ya metsamao ya mmele e rutwang ka maikemisetso ho dikarolo tsa mmele ). Apraxia' ya ho apara ke sebopeho se atileng ka ho fetisisa mme ha e bontshe feela tlhokeho ya kgokahanyo empa e supa hantle ho lebaleha ha metsamao e hlokehang ho fihlella sepheo se itseng (ho qhwaela konopo, ho etsa mohlala.)

Ho bonahalang eka ke ho rarahanya mathata ho feta, moharelo o matla wa parietal o ikarabella bakeng sa kutlo ya mmele wa rona, ke hore, ho tseba lehlakore le letshehadi ho fapana le le letona la rona le ho tseba moo karolo e itseng ya mmele e leng teng kamahanyong le mmele wa rona kaofela. Moharelo wa parietal o seng matla Ka ho fapana, moharelo o seng matla wa parietal (ka tlwaelo o halofong e ho le letona) o ka nahanwa jwalo ka setsi sa rona sa pono ya potoloho 3D. Jwalo ka ha ho boletswe pejana, karolo ena ya moharelo wa parietal e amohela tlhahisoleseding ho tswa moharelong wa occipital. Tshebetso ya sebaka sena ke ho kopanya tlhahisoleseding e jwalo ya ntho e shebilweng ho e hlahisa ka sebopeho sa 3D. Tshenyeho sebakeng sena e lebisa letshwaong la ho kula le bitswang visual agnosia; e leng ho hloka bokgoni ba ho lemoha dintho, difahleho le dintho tse o potapotileng. Hobane tlhahisoleseding ya pono ya rona e sebetswa ka karohano ho mekgwa e meng ya kutlo, ho a kgoneha hore batho ba hlolehe ho lemoha sefahleho seo ba se tlwaetseng ka pono empa ba kgone ho tseba hanghang ha ba bua le motho eo hore ke mang. Moharelo o seng matla le wona o tlatsetsa kutlwisisong ya wona ya sebaka empa ka tsela e fapaneng le ya molekane wa wona wa moharelo o matla. Ha moharelo o matla wa parietal' o sebetsana le kutlo ya mmele ya rona e mabapi le sebaka seo re phelang ho sona, karolo e seng matla e re thusa ho fumana dintho sebakeng se kantle le ho sebetsa tulo ya moo dintho di leng teng ka ho bapisa le dintho tse ding le ho rona (ho etsa mohlala, ha re nanabela ho thonaka ntho). Moharelo wa temporal Meharelo ya temporal e sebetsana haholo le ditshebetso tsa kgopolo. Moharelo o matla o sebetsana ka ho kgetheha le kgopolo ya puo (ya mantswe) le mabitso a dintho. Re itshetlehile hodima moharelo wa rona o seng matla wa temporal bakeng sa kgopolo ya rona ya dintho tse bonwang (e seng puo) difahleho, dipono, jj. Hape ho na le mefuta e fapaneng ya kgopolo.

Kgopolo ya diketsahalo, jwalo ka ha lebitso le bolela, kgopolo ya rona ya ketsahalo kapa diketsahalo, tse rekotilweng ka mekolokotwane ya dinako tseo di etsahetseng ka tsona (ho etsa mohlala: Ke jele mahe bakeng sa dijo tsa hoseng kajeno ). Kgopolo ya dinnete e ka nahanwa jwalo ka buka ya pokeletso ya ditlhaloso (encyclopaedia) bakeng sa dinnete le dipalo (ho etsa mohlala: Mahe a na le kgetla, a behelwa ke dithole, mme a ka jewa a bedisitswe, a kopakantswe kapa a hadikilwe ). Lefung la Alzheimer ke kgopolo ya diketsahalo, eo hangata e senyehang. Ha ho eso hlake hantle hore na ke jwang kapa kae moo mehopolo ya nako e telele e bolokwang teng, empa ho bonahala eka dikgopolo di fihlellwa ka ho matlafatsa dikgokahano dipakeng tsa disele tsa methapo-kutlo. Ho bonahala ho hlaka hore dikgopolo tse thoko kapa tsa kgale, jwalo ka nako eo motho a neng a qala ho ya sekolong ka yona, di bolokwa ka ho teba ho feta dikgopolo tsa dinako tsa moraorao, jwalo ka hore na motho o entse eng maobane. Sena se bonahala se bapiseha le se etsahalang ho motho ya tshwerweng ke Alzheimer ya ka fumanang ho le thata ho tshohla tsa bongwana ba hae ho feta se etsahetseng letsatsing leo. Moharelo wa frontal Meharelo ya frontal e na le dikarolo tse mmalwa tseo mmoho di sebetsang ho theha setsi sa rona sa phethahatso kapa taolo. Ho rera diketso le ho ithuta mesebetsi e metjha Bokahodimo kapa bokantle ba moharelo o ka pele bo bonahala bo le bohlokwa haholo bakeng sa ho hlophisa le ho rera diketso tsa rona le ho ithuta mesebetsi e metjha. Ha re ithuta ho qhoba, ho etsa mohlala, dibaka tsena tsa boko di re thusa ho kopanya mmoho tlhahlamanyo e rarahaneng haholo ya metsamao, eo qalong e bonahalang e le thata mme e le moferefere empa ha nako e ntse e tsamaya e bonahala e tsamaya ka thello le ho iketsa. Ho motho ya nang le tshenyeho sebakeng sena, ho tshwana le ho ba moithuti hape ho qala qalong mme a fumana mesebetsi e mengata ya mekgahlelo e fapaneng jwalo ka ho pheha le ho reka kerosari e thatafala haholo ka lebaka la ho lahleha ha tlhopho kapa moralo wa tshebetso. Tshenyeho dibakeng tsena tse kantle hape e ka baka hore batho ba dule ba etsa ntho e le nngwe (e leng se bitswang paballo ). Ha moharelo o kapele o sebedisana le dikarolo tse ding tse ngata tsa boko, paballo ena e ka nka sebopeho sa ho sebedisa lentswe le le leng ka phetapheto kapa ho dula a ntsha seaparo se le seng feela ka laeng ebe o pakolla diaparo tse ding kaofela ntle le lebaka.

Kgothalo Ho ella karohanong e dipakeng tsa dihalofo tse pedi, karolo e bohareng ya moharelo o ka pele e hlahisa kgothalo ya rona le sefutho sa rona ka kakaretso. Haeba karolo ena ya boko e amehile, batho ba ka lahlehelwa ke tjheseho ya bona ya ho phahama-ba-iketsetse mme ba be lenama le ho tswafa ho tswa dikobong ho phetha mosebetsi o itseng wa bona. Hape, ho bohlokwa ho lemoha hore se ka nkuwang e le botswa ke batho ba bang e ka ba setlamorao se tlang ka kotloloho sa tahlehelo ya disele sebakeng sena sa boko. Taolo ya boitshwaro Taolo ya boitshwaro ba rona e bonahala e laolwa ke sebaka sa boraro sa meharelo e ka pele, e leng sebaka sa orbitobasal, se dutseng mothating o potelang o kapele wa boko. Bathong ba phetseng hantle dikarolo tsena tsa boko di re thusa ho disa, ho laola le ho lekanya boitshwaro ba rona: ho etsa mohlala, ho re thibela ho bua mantswe a nang le thohako ha motho e mong a re halefisitse haholo. Ho re thusa ho utlwisisa maikutlo ana a ho hloleha ho ithiba, re ka sheba dintlha tse ding tse tsejwang tsa boitshwaro ba rona bo phetseng hantle. Ho etsa mohlala, re ka thula le ho tiisa thapo e bonesang lebone ha re kena phapusing ho sa natswe hore lebone le se ntse le bonesitswe. Ka ho etsa sena, re hloleha ho thibela kapa ho kgaola boitshwaro boo re seng re bo hatisitse kelellong ya rona. Bohlokong ba Alzheimer boemo bona bo a mpefala mme bo ka lebisa ho rohakaneng kapa maitshwaro a mang ao motho eo a ka beng a a nkile a sa loka ha a ne a phetse hantle Dibaka le dibopeho tse ding Dibaka tse ngata tsa cortex di ameha haholo e seng mabapi le ho tshehetsa tshebetso e qollehileng empa di mabapi le ho matahanya le ho amahanya dihlahiswa tsa dibaka tse re potapotileng.

Seabo se tshwanang se bapalwa ke dipopeho tse ngata, tse leng ka tlasa cortex jwalo ka sistimi ya limbic eo, hara dintho tse ding, e dumellang kgopolo le boitshwaro ho susumetsana. Sistimi ya limbic hape e bapala karolo ya bohlokwa tlhahisong ya maikutlo le tshebeletsano ya wona le boitshwaro ba rona. Diphethelo Ho a makatsa ho lebella le ho ithuta ka tsela e rarahaneng eo dikarolwana tsa boko di thehang le ho laola dintlha tse amang maphelo a rona. Haeba re kopanya tsebo ena le thekenoloji e dulang e eketseha e re dumellang ho sheba ka moo boko bo sentsweng ke Alzheimer bo fetohang ka teng, kamoso re ka kgona ho lepa, ho alafa le ho laola matshwao a ho kula a fapafapaneng a amanang le lefu lena. Bakeng sa hajwale, temoho e kgolo ya kamano e teng dipakeng tsa boko le boitshwaro ba rona e ka thusa batho ba tshwerweng ke lefu la Alzheimer le bahlokomedi ba bona ho thulana le diphetoho tse ngata tse tliswang ke yona. Leqephe lena la tlhahisoleseding le ngotswe ke Sebastian Crutch wa National Hospital for Neurology and Neurosurgery, Queen Square, London

Dinoutsu: Contact us: 3rd Floor, State House, 3 Rose Street, Cape Town Tel: (021) 421 0077/78 Email: info@dementiasa.org Or support@dementiasa.org P.O. Box 16421 Vlaeberg 8018 www.dementiasa.org