Bana beso ho phatlalla le lefatshe

Similar documents
DIKHOMIKI Sesotho TSE KOPANYANG DITJHABA Bahale ba Diphetoho

HLOMAMISO 1 HLOMAMISO

THUTO TSA SEKOLO SASABATA. Bophelo ba Abrahama

Moena Neville, le Moena Capps, le Moena Collins, le basebeletsi MOSEBETSI O TSWILENG MATSOHO 1

LETSHWAO LA SEBATA 1. Letshwao La Sebata

UNIVERSITY OF SWAZILAND FINAL EXAMINATION PAPER- MAY 2012 SECOND LANGUAGE (SOUTHERN SOTHO) 1. ANSWER ALL THE QUESTIONS.

Moapostola wa Bophelo. 16 Phupjane Hlakola Novena Prayer

Boko le boitshwaro. The brain and the behaviour Sesotho B&W

*16 22 Phato SABATHA MOTŠEARE OA MANTSIBOEA. Deut. 32:4; Ps. 28:1; Johanne 17; Johanne 15:1 5; Matt. 7:1 5; Matt. 5:23, 24; 18:15 18.

Setho se Ratehang sa Bohlokwa PHETOHELO HO MOKGATLO WA KGWEBO O TSAMAISWANG KE SEHLOPHA SA BATHO WA MANTLHA (PRIMARY CO-OPERATIVE)

Melao ya Motheo ya Kgwebo ya Kopanelo ya Nestlé

AFRICA BAKENG SA maafrika A LENG MONA MMOHO LE A LENG. THEHA DIKAMANO TSA SEJHABA SA maafrika BOEMONG BA

Lesson Plans Gr. 1 Term 3 Sesotho

Tataiso ya Melao ya Boitshwaro. Melao ya Boitshwaro. Matla a ho etsa kgwebo hantle

Drive your imagination. Happy birthday, Nal'ibali! Mahlohonolo a Letsatsi la Tswalo, Nal'ibali! Read with me. Every day. Bala le nna. Kamehla.

SESOTHO HOME LANGUAGE LESSON PLAN EXEMPLARS GRADE 3 TERM

KEREITI 12 LOETSE 2012 SESOTHO PUO YA LAPENG PAMPIRI YA 2

PULA IMVULA. Jwalo ka ha ho etsahala bophelong ba. Sekgahla sa mycotoxin bophelong ba diphoofolo. Bala ka hare: Phato 2017

The House rose to observe a moment of silence in honour of the late Makhaketla Leipa

ba habo, a tšelela a nyala moetsalibe, mosebeletsi oa lisèto, a rapela melingoana. A nyala Jesebele. Me e se molumeli.

Letsatsi la Kotulo la selemo le selemo la. Ntshetsopele ya Molemi e kgahla NAMPO. Bala Ka Hare: PHUPU 2014

Buka ya ka ya Tirogae (2)

The$Management$of$Spinal$Pain$without$ Serious$Pathology$or$Neurological$Deficits$

Mmampodi twantshong ya mahola. Bala Ka Hare: MPHALANE Koranta ya Grain SA ya bahlahisi ba ntseng ba hola

Published by Nalane ka Fezekile Futhwa PO Box 1452 Alberton 1450

GRADE 10 SETSWANA PUOTLALELETSO YA BOBEDI PAMPIRI YA BORARO 4. NATIONAL SENIOR CERTIFICATE EXAMINATION MADUO: 80. NAKO: 3 diura

Feesprogram / Festival Programme

MADU A A PHUNYEGILENG

MADU A A PHUNYEGILENG

THOTLOETSO. Dulang. 2 Ke itumetse tshokologong eno go ema fano gape, mme fa. 3 Jalo, fela ke batla go bua sena, motlhang ke fitlhang kwa

6. Temo ea lifate tsa litholoana

Kereke Le Seemo Sa Yone

Boleo kgatlhano le Modimo

NATIONAL SENIOR CERTIFICATE MOPHATO 12

Bakaulengwe, go molemo go

O rata LovCash thata. YBB e tlhagisa Motseleganyi wa Ngwaga. Patlisiso e e tlhomologile ya HIV go thusa bomme le bana

Bolemirui ba mofuta mongwe le mongwe. Nako e gorogile go tlhoma MOLEMIRUI WA NGWAGA. Bala Moteng: DIPHALANE Lekwalo la Grain SA la balemipotlana

Mr Jeremiah Madiba CHIEF EXECUTIVE OFFICER

UNIVERSITY OF CAMBRIDGE INTERNATIONAL EXAMINATIONS General Certificate of Education Ordinary Level

PEGELO YA PHOLISI YA BOSETŠHABA YA KHARIKHULAMO LE TLHATLHOBO MEPHATO R-3

baanelwa ba diteng; baanelwa ba thulaganyo; baanelwa ba ba sa itekanelang; le baanelwa ba ba itekanetseng.

YBB e fentse sekgele gatlhano jaanong Badirammogo

Bukana e e dirilwe ka thotoetso ya batho ba lefatshe la America ka lenaneo la Presidents Emergency Plan for Aids Relief (PEPFAR) le U.

koranta eabasebetsi april 1974

SSB/TRP/MDM 2009(54) Peer reviewed and revised

Government Gazette Staatskoerant

Gated communities in South Africa: Tensions between the planning ideal and practice

tse di rileng tse di tshwanetseng go gakologelwa fa re uma mmidi.

thuto Lefapha la Thuto REPHABOLIKI YA AFERIKA BORWA Pegelo ya Kharikhulamo ya Bosetπhaba Kereiti (Tsela ya go Ithuta ya Kakaretso) DIPUO

KGATISO 8 No 6 Diphalane Lekwalodikgang la Badirammogo ba YBB Madiba Mop Manie

Mangoroo e anela ka ga mathata, rnangoroo

Boitsholo jo bo itshekileng 01203_763_Chastity.indd 1 4/18/13 9:52 AM

E.K.K. MATLALA: MONGWADI WA DITAODIŠO TŠA MATHOMO TŠA SEPEDI

Government Gazette Staatskoerant

NWU JUNIE Gesels saam op. Johnson-broers besoek Fakulteit. RSG gesels met dr Mandie Uys. Partners in Education

UNIVERSITY OF CAMBRIDGE INTERNATIONAL EXAMINATIONS General Certificate of Education Ordinary Level

Die afgelope tyd was baie moeilik

Kanegelo ya Nimirode: Re lebelela diphihlelelo tša gagwe ka lefsa

Alumni. Awards/Toekennings

Ge mofetoledi (1987: vii) a bolela ka ga puku yeo ya Kristeva, ore:

Alles aan die UV is in rep en roer vir die

ENNIAH MATEMANE LEKGANYANE

PUSO YA DIKGAOLO MO BOTSWANA BUKANA YA LENANEO LA BONG

NATIONAL SENIOR CERTIFICATE KREITI YA 12

Die Rektor en Visekanselier, prof.

Expression 889. Manual. Stitches. Sewing Machine. + On/off switch + 4 step button hole + Stitch width control. Bukanayaditaelo Ibhukwa Lemiyalelo

REPORT ON THE COLLECTION

Academic Achievers Awards 2016

41/2/9 Student Affairs Programs and Services General Correspondence, Box 1:

No Survey Required w/ Survey. Affidavit. Affidavit. Affidavit

Cambridge International Examinations Cambridge Ordinary Level

Koleke Ōlelo Hawai i o Ka Haka Ula O Ke elikōlani NĀ HA AWINA KĀLĀ HELE KULANUI, LĀ PALENA PAU: 15 Apelila 2016

The Subject Section. Chapter 2. Property Address

Your Guide to. Real Estate. Customs by State

MANGAUNG ~ "" l: T ~'. M U.",.; I!"'... lit '( M,. I I< '~ M" '''''',.. A I 11 1"-', If-o<:CnTIA'... '''' T~F

JAARVERSLAG 2013 Omslag_vir litho_finaal_5 Aug_converted.indd /08/05 10:40:00 AM

REQUIRED WITNESSES FOR A MORTGAGE OR DEED OF TRUST

Academic Achievers Awards. Toekennings vir Akademiese Presteerders Difoka tša Thuto tša Bao ba Atlegilego

BOARD OF COUNTY COMMISSIONERS AGENDA ITEM SUMMARY PLACEMENT: CONSENT PRESET: TITLE: ACCEPTANCE OF A DRAINAGE EASEMENT FROM CASA PISCES, LLC (CASA)

AIDS. HELPLINE I oaoo I. We all have the power to prevent AIDS. Prevention is the cure

Yarmouth County Registry of Deeds

Visie, Waardes en Missie

LEFAPHA LA TEMOTHUO, JALO YA DIKGWA LE BODIRELATLHAPI REPHABOLIKI YA AFORIKABORWA

Your Guide to Real Estate Customs by State

NCSL TABLE REAL ESTATE TRANSFER TAXES

For Lease. Retail, Office, Warehouse CONVENIENTLY LOCATED NEAR I-25 NORTH. Lease Rate $ $8.55/SF Modified Gross. Available

ABOVE AND BEYOND 1850 M

Status of State PACE Programs

Alabama. Alaska. Arizona. Arkansas. California. Colorado

Moms are models! Bomma ke mehlala! Drive your imagination. Story Power. Bring it home. Tliša maatla a kanegelo ka gae.

Goomzee Corporation Fall MLS Platforms. America s MLS Platform Vendors & Market Distribution. Goomzee Research

TO IMPROVE LIVESTOCK BOREHOLE DATABASE IN KGALAGADI DISTRICT COMMUNAL GRAZING AREA

A Complete Bibliography of the Proceedings Volumes of the ACM Symposia on the Theory of Computing ( )

FILED: NEW YORK COUNTY CLERK 08/09/ :42 PM INDEX NO /2015 NYSCEF DOC. NO. 62 RECEIVED NYSCEF: 08/09/2016

PORTLAND SITE AC. Sale Price: $2,310,000 ($55,000/lot) Lots: 42 Land Area: AC

City of Stockton Official Records in San Joaquin County Historical Society and Museum (Feb. 11, 2010)

Black Knight Home Price Index Report: October Transactions U.S. Home Prices Up 0.1 for the Month; Up 4.5 Percent Year-Over-Year

State Housing Trust Fund Revenues 2017

ABOVE AND BEYOND 1850 M

Ninigret Depot Industrial Land

Transcription:

MOLAETSA WA BOETAPELE BA PELE, PUDUNGWANA 2016 Bana beso ho phatlalla le lefatshe Kerekeng ya Jesu Kreste ya Bahalaledi ba Mehla ya Kajeno, ke leboha hore Moetapele Thomas S. Monson o nkopile ho bua kopanong ena letsatsing lena la Sabata. Ke rapela hore Moya o Halalelang o tle o ise mantswe a ka pelong tsa lona. Kajeno ke labalabela ho bua ka maikutlo a pelo. Eo ke tlang ho tsepama ho yona ke teboho ka ho kgetholoha letsatsing lena la Sabata. Re lebohela dintho tse ngata: mosa ho tswa ho moditjhaba, dijo ha re lapile, lehae le ommeng ha dipula tse matla di etla, ha lesapo le robehileng le fola le sello se matla sa lesea le qetang ho hlaha. Boholo ba rona re tla hopola ha re ile ra eba le maikutlo a teboho ka dinako tse jwalo. Ho Bahalaledi ba Mehla ya Kajeno, Sabata ke motsotso o jwalo, ha ele hantle ke letsatsi la teboho le lerato. Morena o ile a laela Bahalaledi Jackson County, Missouri, ka 1831 hore dithapelo tsa bona le diteboho di lokela ho lebiswa mahodimong. Bahalaledi ba mehleng ba ile ba nehwa tshenolo ka ho boloka letsatsi Moetapele Henry B.Eyring Moeletsi wa pele Boetapeleng ba Pele Teboho ka letsatsi la Sabata Ho Bahalaledi ba Mehla ya Kajeno, Sabata ke letsatsi la teboho le lerato. la Sabata le hore na ba ka ila le ho rapela jwang. 1 Bona, le rona, re ile ra bolellwa ke Morena hore re ka rorisa le ho isa diteboho jwang ka Sabata. Jwalo ka ha o ka bolela, se bohlokwa ka ho fetisisa ke lerato leo re bang le lona ho ba fanang ka dimpho. Ke ana mantswe a Morena a kamoo re ka isang diteboho le kamoo re ka bontshang lerato ka letsatsi la Sabata: Ke le neha molao, ke re: Rata Morena Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle, sepheyo sa hao sohle, maikutlo esita le mehopolo le matla; mme ka lebitso la Jesu Kreste o mo sebeletse.... Leboha Morena Modimo wa hao dinthong tsohle. Etsetsa Morena Modimo wa hao sehlabelo ka ho loka, e le sa pelo e hlomohileng le moya wa tshwabo. 2 Hape Morena o tswela pele o re hlokomedisa kotsi ha re sa lebohe Ntate ya Mahodimong le Jesu Kreste e le bona ba re nehang dimpho: Mme motho ha a fosetse Modimo ka letho, mme ha ho motho eo kgalefo ya hae e tukang ho eena, ntle le bao ba sa boleleng ka letsoho la hae dinthong tsohle, mme ba sa mamele melao ya hae. 3 Boholo ba lona ba mametseng le se ntse le fumana monyaka ka Sabata e le letsatsi la ho hopolwa le ho isa diteboho ho Modimo bakeng la mahlohonolo. Le hopola mantswe a sefela se tlwaelehileng: Ha o tsokotswa ke maqhubu a bophelo, Ha o nyahame, o nahana hore tsohle li lahlehile, Bala mahlohonolo a hao a mangata; o a bitse ka bonngwe, Mme o tla makalla seo Morena a se entseng. Bala mahlohonolo a hao; O a bitse ka bonngwe. Bala mahlohonolo a hao; O bone se Modimo a se entseng.... Na o imeditswe ka morwalo wa tsotello? Na sefapano seo o bitseditsweng ho se pepa se bonahala se le boima? Bala mahlohonolo a hao a mangata; pelaelo tsohle di tla falla, Mme o tla bina ha matsatsi a ntse a eya. 4 Ke fumana mangolo le liketelo ho tswa ho Bahalaledi ba Mehla ya kajeno ba utlwang ba imetswe ke morwalo wa tsotello. Ba bang ba haufi le ho utlwa e ka, bonyane ho ya ka bona, tsohle di lahlehile. Ke tshepa le ho rapela hore seo ke se buang ka ho leboha ka Sabata ho tla thusa ho etsa hore dipelaelo di falle mme pina e qale ka dipelong tsa lona. 1

Lehlohonolo le leng leo re ka le lebohang ke la hore re eba teng kopanong ya selallo, re kgobokane ho feta motho a le mong kapa ba babedi ba barutuwa ba Hae ka lebitso la Hae. Ho teng ba mahae ba hlolehang ho phahama diphateng tsa bona. Ho na le ba bang ba ratang ho ba moo re leng hona teng empa ba sebeletsa batho lipetlele, ba fana ka sireletso ho setjhaba kapa ba re sireletsa le ha maphelo a bona a le tsietsing, ba le lehoatateng kapa morung. Taba ya hore re kgona ho kopana le ha ele a le mong wa Bahalaledi mme re ja selallo ho tla re thusa ho qalella ho utlwa teboho le lerato la mosa wa Modimo. Ka lebaka la Moporofeta Joseph Smith le evangedi e kgutlileng, lehlohonolo le leng leo re ka le balang ke hore re na le monyetla wa ho ja selallo beke le beke se hlophilweng, sa hlohonolofatswa le ho fetiswa ke basebeletsi ba Modimo ba nang le matla. Re ka leboha ha Moya o Halalelang o re tiisetsa hore mantswe a thapelo ya selallo, ao baporista ba nehilweng matla ba a buang, a hlomphuwa ke Ntate Ya Mahodimong. Ho mahlohonolo ohle ao re ka a balang, le leholohadi ka ho fetisisa ke maikutlo a tshwarelo a tlang ha re amohela selallo. Re tla utlwa lerato le leholo le ho leboha ka Mopholosi, eo sehlabelo sa hae se sa lekanngweng, se entseng hore ho be le bokgoni ba hore re hlwekiswe dibe. Ha re amohela bohobe le metsi, re hopola hore O hlokofaditswe bakeng sa rona. Mme ha re utlwa teboho ka seo a re etseditseng sona, re tla utlwa lerato la Hae ho rona le la rona ho Eena. Lehlohonolo la lerato leo re le fumanang le tla etsa hore ho be bonolo ho boloka molao oa ho mo hopola kamehla. 5 Le ka utlwa lerato le teboho, jwalo ka nna, la Moya o Halalelang, eo Ntate ya Mahodimong a re tshepisitseng hore o tla ba le rona kamehla ha re tshepahalla dikano tseo re di entseng. Re ka bala mahlohonolo ohle Sontaha se seng le se seng mme ra leboha. Sabata e boetse ke nako e nepahetseng ho hopola selekane seo re se entseng ha re ne re kolobetswa, ho rata le ho sebeletsa bana ba Ntate ya Mahodimong. Ho phethahatsa tshepiso eo ka Sabata ho tla kenyeletsa ho nka karolo sehlopheng kapa mokgatlong ka pelo e ikemiseditseng ho aha tumelo le lerato hara bana ba bo rona ba nang le rona moo. Tshepiso eo e tla kenyeletsa phethahatso ya dipitso tsa rona ka thabo. Ke leboha ka di Sontaha tse ngaka tseo ke rutileng mokgatlo wa baruti ba banyane(deacons) Bountiful, Utah, le sehlopha sa sekolo sa Sontaha Idaho. Mme ke hopola le nakong tseo ke sebeleditseng ke le motlatsi oa mofumahadi wa ka ka sehlopheng sa masea, kamoo mosebetsi wa ka o moholo e neng e le ho fana ka dibapadiswa le ho di hleka. Ebile dilemo pele ke elellwa ka Moya o Halalelang hore bosebeletsi ba ka ba boikokobetso bakeng sa Morena bo ne bo le bohlokwa ho bana ba Ntate ya Mahodimong. Ho makaleng hwa ka, ba bang ba bona ba hopola mme ba nteboha ka boikgathatso ba ka bo fokolang ho ba sebeletsa bakeng sa Morena matsatsing ao a Sabata. Jwalo ka ha ka dinako tse ding re sa bone sephetho sa bosebeletsi ba rona boo re bo etsang ka Sabata, re ka nna ra se ke ra kgona ho bona lethathamo la dipoello tsa basebeletsi ba bang ba Morena. Empa Morena o aha mmuso wa Hae ka khgutso ka basebeletsi ba Hae ba tshepahalang mme ba ikokobeditseng, ba sa iphahamise, ho ya bokamosong bo kganyang ba dilemo tse sekete. Ke ka Moya o Halalelang ho ka bonwang botle bo hlollang ba kgolo ena. Ke hotse ke ya kopanong ya selallo lekaleng le lenyane New Jersey le ditho tse mmalwa le lelapa le le leng, e leng leso. Dilemo tse mashome a supileng a metso e mehlano tse fetileng, ke ile ka kolobetswa Philadelphia kerekeng e le nngwe feela e neng e ahuwe ke Kereke eo re neng re ka finyella ho yona Pennsylvania kapa New York. Empa moo ho neng ho ena le lekalana la kereke Princeton, New Jersey, ho se ho ena le makala a mabedi a maholwanyane. Mme feela matsatsi a fetileng, dikete tsa batjha di ile tsa keteka moketeng o neng o etella pele tlhohonolofatso ya Tempele ya Philadelphia Pennsylvania. Ha ke sa le mohlankana, ke ile ka fuwa pitso ya hoba moruti wa setereke moo re neng re rorisa teng ka di Sontaha kerekeng e le nngwe feela e Alburquerque, New Mexico. Kajeno ho na le tempele le makala a mane a maholo. Ke tlohile Alburquerque ke ya sekolong Cambridge, Massachussets. Ho ne ho ena le lekalana le setereke se neng se pharaletse boholo ba Massachussets le Rhode Island. Ke ile ka kganna thabaneng tsa naha eo e ntle ke ya kopanong tsa selallo makalaneng a manyane, haholo matlong a neng a hirilwe kapa matlong a manyane a lokisitsweng. Hona jwale ho se ho ena le tempele e halalelang ya Modimo Belmont, Massachussets le makala a maholo ho pharalla le karolo eo ya naha. Seo ke neng ke sa se bone hantle ka nako eo ke hore Morena o ne a tshollela Moya wa Hae hodima batho ba neng ba le kopanong tseo tse nyenyane tsa selallo. Ke ne ke e utlwa, empa ke ne ke sa bone bophara le nako ya maikemisetso a Morena a ho aha le ho tlotlisa mmuso wa Hae. Moporofeta, ka tshenolo, o ile a bona mme a ngola seo ka bo rona re se bonang hona jwale. Nephi o ile a re dipalo tsa bongata ba rona ha di na ho ba kgolo empa pokello ya kganya ya rona e tla ba sebonwang: ke bone kereke ya Konyana ya Modimo, mme dipalo tsa yona di ne di fokola.... Nna, Nephi, ke bone matla a Konyana ya Modimo, hore a ile a theohela bahalaleding ba kereke ya Konyana, le ho batho ba selekane ba Morena, ba neng ba qhalakane le lefatshe 2

lohle; mme ba ne ba hlometse ka ho loka le matla a Modimo ka kgalalelo e kgolo. 6 Mehleng ya Kajeno, tlhaloso ya boporofeta bo tshwanang ka maemo a rona le menyetla e tlang e ngotswe ka ho Dithuto tsa Tumelo le Dilekane: Ha jwale ha le eso ka le utlwisisa kamoo Ntate a tshwereng mahlohonolo a maholo diatleng tsa hae mme a hlophiseditseng lona; Mme le ke ke la utlwisisa dintho tsohle hona jwale; le ha ho le jwalo, thabang ke hona, ka ha ke tla le etella pele. Mmuso ke wa lona le mahlohonolo ke a lona, mme le maruo a bosafeleng ke a lona. Mme eo ya amohelang dintho tsohle ka ho leboha o tla tlotliswa; mme dintho tsa lefatshe lena o tla di ekeletswa, ka makgetlo a lekgolo, e, le ho feta. 7 Ke bile le maikutlo a hore phetoho ya ho hola hwa teboho ya mahlohonolo le lerato la Modimo ho ya eketseha kerekeng ka bophara. E shebahala e hola ka sekgahla hara ditho tsa kereke dinakong le dibakeng tsa diphephetso tsa bona tsa tumelo, moo ba hlokang ho kopa thuso ho Modimo ho tswela pele. Dinako tseo re tlang ho feta ho tsona di tla ba le diphephetso tse thata, jwalo ka ha di bile teng ho batho ba Alma tlasa Amulon ya kgopo ya neng a behile merwalo e boima mekokotlong ya bona ho e pepa: lentswe la Morena le tle ho bona ba le matshwenyehong a bona, la re: Phahamisang dihloho tsa lona mme le tshedisehe, ka ha ke tseba selekane seo le nketseditseng sona; mme ke tla etsa selekane le batho ba ka mme ke ba ntshe ditlamong. Mme ke tla bebofatsa merwalo e behilweng mahetleng a lona, hore le se ke la e utlwa mekokotlong ya lona, leha le le ditlamong; mme sena ke tla se etsa hore le eme le le dipaki tsa ka ho tloha ha jwale, le hore le tla tseba ka tiyo hore Nna, Morena Modimo, ke etela batho ba ka matshwenyehong a bona. Mme ho ile hwa etsahala hore merwalo eo Alma le banna ba habo ba neng ba e rwesitswe e etswe bobebe; e, Morena o ile a ba matlafatsa hore ba tle ba tsebe ho e pepa ka bobebe, mme ba ile ba e rwala ha bobebe, mme ba ile ba ikobela ka thabo le mamello thato ya Morena. 8 Nna le lona re dipaki tsa hore nako tsohle tseo re neng re bolokile dilekane tsa rona le Modimo, haholo ha ho ne ho le thata, O utlwile thapelo tsa rona tsa ho lebohela tseo A seng a re etseditse tsona mme o se a arabetse thapelo tsa rona tsa matla a ho mamella ka botshepehi. Mme ho feta ha nngwe O se a entse hore re thabe mme re be matla. E ka nna ya ba le ntse le lohotha hore le ka etsa eng ho phela le ho rorisa letsatsing lena la Sabata ho bontsha teboho ya lona le ho imatlafatsa le ho matlafatsa ba bang ka matshwenyeho a tlang. O ka qala kajeno ka thapelo ya lekunutu le ya lelapa ya ho leboha tsohle tseo Modimo a le etseditseng tsona. O ka rapella ho tseba hore ke eng seo o tshwanetseng ho se etsa ho sebeletsa Modimo le ba bang. Ka ho kgetholoha, o ka rapella hore Moya o Halalelang o o bolelle ka motho e mong a ikutlwang a lahlehile kapa ya hlokang eo Morena a o romellang ho eena. Ke le tshepisa hore thapelo tsa lona di tla arabelwa, mme ha le phethisa dikarabo tseo le tlang ho di fumana, le tla fumana monyaka wa Sabata, mme pelo tsa lona di tla khaphatseha ka diteboho. Ke paka hore Modimo Ntate wa le tseba mme wa le rata. Mopholosi, Morena Jesu Kreste, o le lopollotse dibeng tsa lona ka lebaka la lerato la hae ho lona. Bona, Ntate le Mora, ba tseba lebitso la hao jwalo ka ha ba ne ba tseba lebitso la Moporofeta Joseph Smith ha ba ne ba itlhahisa ho eena. Ke paka hore ena ke Kereke ya Jesu Kreste le hore O tla hlompha dilekane tseo le di entseng le ho di ntjhafatsa le Modimo. Semelo sa hao se tla fetoha o be jwalo ka Mopholosi. Le tla tiiswa kgahlanong le meleko le kgahlanong le maikutlo a pelaelo ka nnete. Le tla fumana monyaka ka Sabata. Ke le tshepisa sena ka lebitso la Morena Jesu Kreste, amen. DITSHUPISO 1. Bona Dithuto tsa Tumelo le Dilekane 59. 2. Dithuto tsa Tumelo le Dilekane 59:5, 7 8. 3. Dithuto tsa Tumelo le Dilekane 59:21. 4. Count Your Blessings, Hymns no. 241. 5. Moroni 4:3;5:2 Dithuto tsa Tumelo le Dilekane 20: 77, 79. 6. Nephi wa 1 14:12, 14. 7. Dithuto tsa Tumelo le Dilekane 78:17 19; e matlafaditswe. 8. Mosiah 24:13 15. 3

Dithuto tsa Mehleng ya Rona Ho tloha Pudungwana 2016 ho isa Mmesa 2017, dithuto tsa Sontaha se seng le se seng sa bone tsa Boporista ba Melchizedek le Mokgatlo wa Thekolohelo di hlophiswa ho tswa puong e le nngwe kapa tse mmalwa tsa kopano e akaretsang ya Mphalane 2016. Ka Mmesa 2017, dipuo di ka nna tsa kgethwa mohlomong ho tswa ho Mmesa kapa Mphalane kopanong e akaretsang. Baetapele ba makala a maholo le ditereke ba kgetha hore na ke dipuo dife tse sebediswang dibakeng tsa bona, kapa ba ka nehelana ka mosebetsi ona ho baetapele ba makalana a manyenyane le makala. Dipuo di ya fumaneha ka maleme a fapaneng ho conference. lds. org. 2016 ka Intellectual Reserve, Inc. All rights reserved. E hatisitswe USA. Tumello ya Sekgowa: 6/16. Tumello ya Phetolelo: 6/16. Phetolelo ya First Presidency Message, November 2016. Sotho Southern. 12872 739 4

MOLAETSA WA THUTO YA KETELO, PUDUNGWANA 2016 Bana beso ba ratehang, mona Setsing sa Dikopano mmoho le lefatsheng ka bophara, ke lebohela monyetla wa ho arolelana maikutlo a ka le lona hoseng hwa kajeno. Dilemo tse mashome a mahlano a metso e mmedi tse fetileng, ka Phupu 1964, Ke ne ke ena le mosebetsi motsemoholo New York ka nako eo ho neng ho tshwaretswe Dipontsho tsa Lefatshe teng. Hoseng ho hong ke ile ka etela Sebaka sa Dipontsho tsa bo - Mormon. Ke ile ka fihla pejana ho bontshwa setshwantsho sa Kereke Man s Search for Happiness, e leng tshwantshiso ya Morero wa Pholoho e seng e le setshwantsho sa Bohlokwa sa Kereke. Ke ne ke dutse pela mohlankana eo dilemo tsa hae di neng di ka ba 35. Re ile ra buisana ha kgutshwanyane. E ne e se setho sa kereke ya rona. Yaba mabone a ya tingwa mme setshwantsho se ya qala. Re ile ra mamela lentswe la motho ya phetang pale ha a botsa dipotso tsena tse sisinyang maikutlo tse tlwaelehileng lefatshe lohle: Ke tswa kae? Ke hobaneng ke le mona? Ke Ka Moetapele Thomas S. Monson Tsela e phethahetseng ho ya Thabong Ke paka ka mpho e kgolo e leng morero wa Ntata rona bakeng la rona. Ke yona tsela e le nngwe e phethahetseng e isang kgotsong le thabong. ya kae ha ke tloha bophelong bo? Ditsebe tsohle di ile tsa qahama ho utlwa dikarabo, mme mahlo ohle a ne a tsepame ditshwantshong tse ntseng di bontshwa. Ho ile hwa hlaloswa bophelo ba rona pele re etla lefatsheng, ha mmoho le tlhaloso ya lebaka la rona la ho ba lefatsheng. Re ile ra bona tshwantshiso e amang maikutlo ka ntate moholo e mong ha a hlokahala lefatsheng lena le kopano ya hae e tlotlisehang ha a kopana le ba ditho tsa lelapa la hae tse neng di fihle lefatsheng la meya pele ho eena. Pheletsong ya setshwantsho sena sa morero o motle wa Ntata rona ya Mahodimong bakeng la rona, sehlopha se ile sa tswa se kgutsitse, boholo ba bonahala ba anngwe ke molaetsa wa setshwantsho sena. Moeti elwa e monyane ya neng a dutse pela ka o ile a se ke a ema. Ke ile ka mmotsa hore na o ne a itumetse ke tshwantshiso eo. Karabo ya hae e hlakileng: Sena ke nnete! Morero wa Ntata rona wa thabo ya rona le pholoho ya rona o arolelanwa le lefatshe lohle ka baruti ba rona. Ha se bohle ba utlwang molaetsa ona wa kgalalelo ba tlang ho o amohela le ho phela ka oona. Le ha ho le jwalo, banna le basadi hohle, jwalo ka motswalle wa ka wa Dipontshong tsa Lefatshe New York, ba elellwa dinnete tsa oona, mme ba tsepama ka hara tsela e bolokehileng e ba lebisang hae. Bophelo ba bona bo fetoha ka ho sa feleng. Ho bohlokwahadi morerong ona ke Mopholosi wa rona, Jesu Kreste. Ka ntle le sehlabelo sa Hae sa topollo, tsohle di tla be di lahlehile. Ha ho wa lekana, le ha ho le jwalo, ho dumela feela ho eena le mosebetsing wa Hae wa evangedi. Re tlameha ho sebetsa le ho ithuta, ho batla le ho rapela, ho baka le ho intlafatsa. Re tlameha ho tseba melao ya Modimo le ho phela ka yona. Re tlameha ho fumana ditshebeletso tsa Hae tsa evangedi tse pholosang. Ke ka ho etsa jwalo feela re ka fumanang thabo ya nnete, ya bosafeleng. Re hlohonolofetse ho eba le nnete. Re na le taelo ya ho arolelana nnete. Ha re pheleng nnete, hore re tle re tshwanelwe ke tsohle tseo Ntate a nang le tsona bakeng la rona. Ha ho seo a se etsang ha ese molemong wa rona. O re bolelletse, Ona ke mosebetsi wa ka le tlotliso ya ka ho fetisa ho se shwe hwa motho le bophelo ba motho ba bosafeleng. 1 Ho tswa botebong ba moya wa ka le ka boikokobetso bohle, ke paka ka mpho e kgolo eo e leng morero wa Ntata rona bakeng la rona. Ke yona tsela e le nngwe e isang kgotsong le thabong mona le lefatsheng le tlang. Bana beso, ke le siela lerato la ka le ditlhohonolofatso tsa ka ha ke phethela, mme ke etsa seo ka lebitso la Mopholosi le Molopolli wa rona, e leng Jesu Kreste, amen. DINGODILWENG 1. Moshe:1:39. 2016 ka Intellectual Reserve, Inc. All rights reserved. E hatisitswe USA. Tumello ya Sekgowa: 6/16. Tumello ya Phetolelo: 6/16. Phetolelo ya Visiting Teaching Message, November 2016. Sotho Southern. 12872 739 1