Setho se Ratehang sa Bohlokwa PHETOHELO HO MOKGATLO WA KGWEBO O TSAMAISWANG KE SEHLOPHA SA BATHO WA MANTLHA (PRIMARY CO-OPERATIVE)

Size: px
Start display at page:

Download "Setho se Ratehang sa Bohlokwa PHETOHELO HO MOKGATLO WA KGWEBO O TSAMAISWANG KE SEHLOPHA SA BATHO WA MANTLHA (PRIMARY CO-OPERATIVE)"

Transcription

1 6 Lwetse 2012 Setho se Ratehang sa Bohlokwa PHETOHELO HO MOKGATLO WA KGWEBO O TSAMAISWANG KE SEHLOPHA SA BATHO WA MANTLHA (PRIMARY CO-OPERATIVE) Re thabela ho o tsebisa hore ho tloha ka Mantaha, 10 Lwetse 2012 le ho fetela kgweding e latelang le halofo, balaodi ba SAMRO le balaodi ba baholo ba tla tshwara diboka tsa therisano le wena ka ho latelana tse mabapi le phetohelo ya mokgatlo wa hao, SAMRO, sebopehong sa tshebedisanommoho (corporate) ho ya ho Mokgatlo wa Kgwebo o Tsamaiswang ke Sehlopha sa Batho wa Mantlha. Ho o thusa hore o be teng dibokeng tsena o na le kutlwisiso mme o hlometse bakeng sa dipuisano tse hahang, bakeng sa ho o nahanela, re kentse ditokomane tse nne tse tla o fa tlhahisoleseding e lekaneng. Re dumela hore ditho kaofela tsa SAMRO di hlokometse hore ka baka la ho kena tshebetsong ha Companies Act 71 ya 2008 (Molao), ka 1 Motsheanong 2011 SAMRO ha e sa tla sebetsa jwalo ka Khampani e Nyane (e Nyane ka Karanti) hobane mofuta wa kgwebo yeo o tlositswe ho tswa Molaong. Ka mantswe a mang ho ka se be le mofuta o jwalo wa khampani e tla bang teng ho tloha ka mohla wa ho kena tshebetsong ha Molao. Ho ya ka Molao kgetho e leng teng ho SAMRO le mekgatlo e ngodisitsweng ka tsela e tshwanang e ne e le hore o fetohele ho khampani e sa etseng phaello [non-profit company (NPC)] kapa bakeng sa khampani e etsang phaello (for-profit company). Ka mora tshebetso ya nako e telele e qadileng ka Extraordinary General Meeting (EGM) ka 20 Motsheanong 2011 ho ne ho hlakile hore mahareng a dikgetho tsena tse fumanehang ka Molao ha ho na e tshwanelang boemo le tsela ya tshebetso ya kgwebo ya SAMRO. O tla hopola hore ha re lebile ho EGM le ha re le ho EGM ditho di ile tsa botswa hore di etse kgetho mme di voute mahareng a NPC kapa bakeng sa khampani e etsang phaello. Maemong ao ditho di ka beng di voutetse khampani e etsang phaello mme ho ne ho tla hlokahala ho etswe kgetho mahareng a khampani e nang le tlelase e lenngwe ya dishere kapa ditlelase tse tharo tsa dishere. Mahareng a dikgetho tsena ha hona kgetho e fumaneng Khampani e Ngodisitsweng Reg. No. 1961/002506/07 SAMRO Place, 20 De Korte Street, Braamfontein, Johannesburg 2001, South Africa; P.O. Box 31609, Braamfontein 2017; t +27 (0) ; f +27 (0) Affiliated to the Confederation of International Societies of Authors and le Composers (CISAC). Balaodi: A E Emdon (Modulasetulo); Adv T S Kekana (Motlatsi wa Modulasetulo); C G De Villiers; J Edmond; S Khumalo; S C P Mabuse; M N Motsatse (Phethahaso); N A Sibiya; C F E Woods; J Zaidel-Rudolph; G J Zoghby (Phethahatso); J Mnisi (Ya Kgethetsweng ho ba-molaodi).

2 divoutu tse hlokahalang, e leng diphesente tse mashome a supileng le metso e mehlano (75%) ya divoutu kaofela tse entsweng ho EGM. Ho ya ka Molao, ho hloleha ho vouta bakeng sa phetohelo ho ya ho khampani e etsang phaello ho ka ba le maphomela a hore mokgatlo ka ho iketsahalla e tla ba NPC kapa o tla shejwa jwalo ka NPC. Ho sa tsotellehe tokisetso ena e nahanelwang, mme ho nahanelwa kopo ya hao e hlakileng bakeng sa tefo e tswelangpele ya Non-Royalty Revenue (NRR) e le khatekori e arohaneng ya Dikabo, re hlahlobile ditsela tse ding tse fumanehang molaong wa rona tse tla re dumella hore re tswelepele re aba NRR, re fana ka SAMRO Retirement Annuity Fund (SRAF), re fana ka SAMRO Funeral Benefit Scheme (SFBS) le ho tswelapele re fetoha ho finyella ditlhoko tsa nako e tlang tsa ditho tsa rona. Ka tshehetso le keletso ya ditsebi tse ding tse hlahelletseng ditabeng tsa kgwebo, melao ya lekgetho le tokelo ya boqapi, Boroto e fihletse qeto ya hore phetohelo ho sebetseng jwalo ka Mokgatlo wa Kgwebo o Tsamaiswang ke Sehlopha sa Batho wa Mantlha o ka re tshwanela hamolemo ho tiiseha ka hore ho ba le ditshitiseho tse fokolang tshebetsong ya SAMRO, mme sa bohlokwa ke ho tiiseha hore SAMRO e tswelapele ho o sebeletsa hamolemo jwalo ka setho sa bohlokwa, ka ho fana ka ditshebeletso tse sa tshwaneng tseo o seng o di lebeletse mokgatlong wa hao. Leha re tseba hore ha ho na ntho e phethahetseng, re dumela e le kannete hore motheo wa Mokgatlo wa Kgwebo o Tsamaiswang ke Sehlopha sa Batho ke ona o leng haufi ka ho fetisisa ho fumaneng boemo bo lekanang hantle, bakeng sa tshebetso ya kgwebo ya SAMRO. Ka ntle le hore 2012 e ile ya phatlalatswa hore ke Selemo sa Matjhaba sa Mokgatlo wa Kgwebo o Tsamaiswang ke Sehlopha sa Batho ke Seboka se Akaretsang sa UN (UN General Assembly), ke mofuta o tsamaiswang ke ditho, ho thehilwe ka melao ya boitshwaro ya demokrasi, tekano, toka, bonngwe, e etsang hore motheo wa Mokgatlo wa Kgwebo o Tsamaiswang ke Sehlopha sa Batho o tshwanetseng hamolemo mofuta wa kgwebo wa SAMRO ho feta dikgwebo tse ding kapa mefuta ya tshebedisanommoho. Lebaka ke hobane diqeto tse entsweng ka hare ho Mokgatlo wa Kgwebo o Tsamaiswang ke Sehlopha sa Batho di lekalekangwa ke telekiso ya dithahasello tsa khomeshiale, ka lehlakoreng le leng, le ditlhoko/dithahasello tsa ditho le baahi ka lehlakoreng le leng. Ka tsela e sa tshwaneng le ya NPC le / kapa mefuta ya khampani e etsang phaello, phetohelo ho Mokgatlo wa Kgwebo o Tsamaiswang ke Sehlopha sa Batho e tla: 1. Etsa hore SAMRO e tswelepele ho abela ditho tsa yona moputso (revenue) ho tswa mehloding e meng kaofela ho kopanyelletsa le non-royalty revenue (NRR); 2

3 2. Ho lateleng melaometheo ya ditjhelete e nang le temoho le taolo e molemo, e fang Boroto ya bolaodi ho lefa dikoloto tsa khampani ka thekiso ya phahlo (liquidate), ho kopanyeletsa le dipolokelo, bakeng sa ho abela ditho; 3. Ha mokgatlo o ka wa, phemete ya hore diphahlo di rekiswe ho lefa dikoloto tsa khampani mme ka mora hore melato e lefshwe, ditho di ka abelana; 4. Ha e hloke phano ya dishere mme e tlosa tlhokahalo bakeng sa ditshenyehelo tse eketsehileng le tsamaiso e rarahaneng; 5. Boloka dikhatekori tsa hona jwale tsa ho ba setho ka ntle le tlhophiso e kgolo le e ferekanyang ya beng ba di shere; Ka morao ha ho fumana lesedi lena, rona jwalo ka Balaodi ba Boroto, re kopa hore o nke nako ya ho bala ditokomane tse leng mona e le tsela ya ho ipeha leseding empa hape e le tokisetso ya diboka tsa therisano tseo o tla menngwa ho tsona haufinyana. Ha ditokomane tse leng mona o di fuwe ho o thusa ho fana ka tlaleho e tshepahalang le e hlokang leeme ka dikgetho tse sebetsang tse fumanehang ho rona, re o kgothaletsa hore o iketsetse patlisiso ya hao le tlhakiso ya ho batla nnete. Ho na le ditokomane tse latelang: Tokomane ya Tlatsetso A (Annexure A) ke kakaretso e hlalosang hore re fihlile jwang moo re leng teng le mabaka a entseng hore ho finyellwe qeto ya ho fetohela ho Mokgatlo wa Kgwebo o Tsamaiswang ke Sehlopha sa Batho. Tokomane ya Tlatsetso B ke kakaretso ya ntlha ya bulete yeo o ka e sebedisang ka tsela e tshwanang leha o sebedisa tlhaloso ya mantswe Tokomane ya Tlatsetso C e hlakisa dinnete tsa bohlokwa haholo mabapi le kgetho yeo re e kgothaletsang. Tokomane ena e akaretsa tsela yeo Mokgatlo wa Kgwebo o Tsamaiswang ke Sehlopha sa Batho e hlolophisitsweng ka yona le melao le melawana e bontshang hore e sebetsa jwang. Le hoja tokomane ena e le kakaretso, e lokela ho araba dipotso tsa hao tse mabapi le tsamaiso ya Mokgatlo wa Kgwebo o Tsamaiswang ke Sehlopha sa Batho. Tokomane ya Tlatsetso D ke Molaomotheo o tletseng o khavarang, ka botlalo, dintlha kaofela tsa sebopeho se kgothaletswang sa Mokgatlo wa Kgwebo o Tsamaiswang ke Sehlopha sa Batho. Re tshepa hore o tla etsa nako ya ho bala tokomane ena kaha e tla o fa tlhahisoleseding kaofela yeo o e hlokang hore o 3

4 utlwisise motheo wa Mokgatlo wa Kgwebo o Tsamaiswang ke Sehlopha sa Batho, oo ho ya ka patlisiso ya rona, yeo ka ntle le ho qeaqea e leng tsela e molemo ka ho fetisisa bakeng sa SAMRO hore e tswelepele le hore e eketse tshebeletso ho wena. Ditokomane tse kentsweng di tla o thusa ho fana ka lesedi le boitsebiso bo tla fanang ka tlhaloso e molemo le ho kenya ka hare ho wena, ditho tsa rona, ho ba le tekanyo e phahameng ya tshepo hore ho kgetha bakeng sa SAMRO hore e fetohele ho mofuta wa Mokgatlo wa Kgwebo o Tsamaiswang ke Sehlopha sa Batho wa Mantlha, ke kgetho e nepahetseng. Maemong ao o sa kgoneng ho bula diatatjhemente kapa tokomane ya tlatsetso, o ka nna wa fihlella ditokomane tsena ka leqephe le patilweng saeteng ya SAMRO, ka ho tlika linki e latelang, kapa ka ho kopisa le ho pheista url ena ho braose ya webe ya hao. Haeba o hloka thuso e eketsehileng ka kopo ikopanye le rona ho customerservice@samro.org.za kapa ho Ka kopo hopola hore ha o bala ditokomane tsena tseo Molao motheo wa mokgatlo leha e le ofe e etseditsweng ho beha leihlo tsamaiso e tsamayang ka thello ya mokgatlo tlasa maemo a sa tshwaneng le ho dumella taolo e lekaneng ho amohela diphetoho tikolohong ya tshebetso ya yona. Ditokisetso tse ding tse kgothaleditsweng ho Molao motheo di ka nna tsa bonahala di le ka hodimo ho taolo ya ditshebetso tsa hona jwale. Sena se dumella tenyetseho e lekaneng ya ho amohela Mokgatlo wa Kgwebo o Tsamaiswang ke Sehlopha sa Batho diphetohong leha e le dife tsa bohlokwa tikolohong ya tshebetso. Ho sebedisa tshwantshiso ya dipapadi, Molao motheo ha o hlophisi sepheo le / kapa dipakane empa e hlophisa melawana ya papadi le boholo ba lebala la ho bapala. Diboka tsa molao motheo kapa diwekeshopo di tla tshwarelwa dibakeng tse sa tshwaneng Durban, Cape Town, East London, Polokwane le Johannesburg. Re ho kopa le ho o kgothalletsa hore o etse boiteko bo bong le bo bong hore o be teng sebokeng se haufi le wena moo setho sa Boroto le balaodi ba baholo ho tswa ho SAMRO ba tla fumana maikutlo le dikgothalletso tsa hao. Ba tla buisana le ho hlakisa dintlha leha e le dife tsa tsamaiso kapa dintlha tse leng ka hara tokomane tseo o ka nna wa lakatsa ho buisana kapa ho fumana tlhakiso. Ka kopo hlokomela hore boitsebiso ba tsa ditherisano bo tla romelwa ho ditho kaofela ka sms le imeili. Hape re kopa hore o hopole o re fe dinomoro tsa hao tsa selefounu tsa hona jwale le 4

5 aterese ya imeili ho etsa bonnete ba hore o fumana puisano e hlokahalang e mabapi le ditherisano tse tlang. Re a ho leboha ka ho nka nako ya ho bala lengolo lena kaofela mme re tshepa hore re tla o bona haufinyana ho se seng sa diboka tsa rona. Ka botshepehi Nicholas Motsatse Ofisiri e ka Sehloohong ya Phethahatso (CEO) 5

Tataiso ya Melao ya Boitshwaro. Melao ya Boitshwaro. Matla a ho etsa kgwebo hantle

Tataiso ya Melao ya Boitshwaro. Melao ya Boitshwaro. Matla a ho etsa kgwebo hantle Tataiso ya Melao ya Boitshwaro Melao ya Boitshwaro Matla a ho etsa kgwebo hantle Ho kgetha katleho Ka ho utlwisisa boitsebiso ba tataisong ena le ho bo sebedisa nako e nngwe le e nngwe ha ho hlokahala,

More information

Boko le boitshwaro. The brain and the behaviour Sesotho B&W

Boko le boitshwaro. The brain and the behaviour Sesotho B&W PBO 930022142 NPO 049-191 PBO 930022142 NPO 049-191 Boko le boitshwaro Source: mynextbrain.com/blog/?page_id=110 Lefu la Alzheimer ke bohloko ba tshenyeho ya kelello bo amahanngwang le tahlehelo e tswellang

More information

Melao ya Motheo ya Kgwebo ya Kopanelo ya Nestlé

Melao ya Motheo ya Kgwebo ya Kopanelo ya Nestlé Melao ya Motheo e Tlamang ya June 2010 Melao ya Motheo e Tlamang ya June 2010 Lefapha la bongodi/ho lokollwa Modulasetulo le Mookamedi ya ka Sehloohong wa Phethahatso Ba ngollwang Basebetsi bohle Sehlopha

More information

DIKHOMIKI Sesotho TSE KOPANYANG DITJHABA Bahale ba Diphetoho

DIKHOMIKI Sesotho TSE KOPANYANG DITJHABA Bahale ba Diphetoho DIKHOMIKI TSE KOPANYANG DITJHABA Sesotho Bahale ba Diphetoho Diteboho: Dikhomiki tse Kopanyang Ditjhaba: Bahale ba Diphetoho Pale - Josh Elder, Natabara Rollosson le Sean Southey Bonono - Grace Allison

More information

Bana beso ho phatlalla le lefatshe

Bana beso ho phatlalla le lefatshe MOLAETSA WA BOETAPELE BA PELE, PUDUNGWANA 2016 Bana beso ho phatlalla le lefatshe Kerekeng ya Jesu Kreste ya Bahalaledi ba Mehla ya Kajeno, ke leboha hore Moetapele Thomas S. Monson o nkopile ho bua kopanong

More information

KEREITI 12 LOETSE 2012 SESOTHO PUO YA LAPENG PAMPIRI YA 2

KEREITI 12 LOETSE 2012 SESOTHO PUO YA LAPENG PAMPIRI YA 2 Province of the EASTERN CAPE EDUCATION NATIONAL SENIOR CERTIFICATE KEREITI 12 LOETSE 2012 SESOTHO PUO YA LAPENG PAMPIRI YA 2 MATSHWAO: 80 NAKO: 2½ DIHORA *SESHL2* Pampiri ena e na le maqephe a 15. 2 SESOTHO

More information

AFRICA BAKENG SA maafrika A LENG MONA MMOHO LE A LENG. THEHA DIKAMANO TSA SEJHABA SA maafrika BOEMONG BA

AFRICA BAKENG SA maafrika A LENG MONA MMOHO LE A LENG. THEHA DIKAMANO TSA SEJHABA SA maafrika BOEMONG BA AFRICA BAKENG SA maafrika A LENG MONA MMOHO LE A LENG DINAHENG TSE DING, HOHLE LEFATSENG THEHA DIKAMANO TSA SEJHABA SA maafrika BOEMONG BA MATJHABA! Ka Omali Yeshitela, Modula Setulo wa mokgatlo wa dikamano

More information

Lesson Plans Gr. 1 Term 3 Sesotho

Lesson Plans Gr. 1 Term 3 Sesotho Lesson Plans Gr. 1 Term 3 Sesotho WEEK 1 & 2 Dikahare: Tshireletso Sehloho::Mollo,motlakasi,tjhefu,likotsi jj Sephetho 1: Ho mamela Maemo 2 : Bontsha kutlwisiso le boitshwaro ka ho neha sebui tlhompho

More information

Letsatsi la Kotulo la selemo le selemo la. Ntshetsopele ya Molemi e kgahla NAMPO. Bala Ka Hare: PHUPU 2014

Letsatsi la Kotulo la selemo le selemo la. Ntshetsopele ya Molemi e kgahla NAMPO. Bala Ka Hare: PHUPU 2014 PULA IMVULA >> GROWING FOOD >> GROWING PEOPLE >> GROWING PROSPERITY >> PHUPU 2014 Ntshetsopele ya Molemi e kgahla NAMPO Koranta ya Grain SA ya bahlahisi ba ntseng ba hola Bala Ka Hare: 04 08 Etsa hore

More information

Mmampodi twantshong ya mahola. Bala Ka Hare: MPHALANE Koranta ya Grain SA ya bahlahisi ba ntseng ba hola

Mmampodi twantshong ya mahola. Bala Ka Hare: MPHALANE Koranta ya Grain SA ya bahlahisi ba ntseng ba hola PULA IMVULA >> GROWING FOOD >> GROWING PEOPLE >> GROWING PROSPERITY >> MPHALANE 2016 Koranta ya Grain SA ya bahlahisi ba ntseng ba hola Bala Ka Hare: 03 Mmampodi wa molemi le motshwaratjhelete ya hlwahlwa

More information

The House rose to observe a moment of silence in honour of the late Makhaketla Leipa

The House rose to observe a moment of silence in honour of the late Makhaketla Leipa LESOTHO NATIONAL ASSEMBLY CHAMBER Thursday, 5 th November, 2015 The House assembled at 2.30 p.m. (RT. HON. MADAM SPEAKER in the Chair) PRAYER The Clerk led the House in Prayer OBITUARY Order! Honourable

More information

THUTO TSA SEKOLO SASABATA. Bophelo ba Abrahama

THUTO TSA SEKOLO SASABATA. Bophelo ba Abrahama THUTO TSA SEKOLO SASABATA Batho babaholo Bophelo ba Abrahama Vol.93. No.1 Pherekgong-Hlakubele, 2017 1 1. Pitso ya Abrahama...5 2. Tumelo ya Abrahama... 10 3. Peo e Tshepisitsweng... 15 4. Bara ba babedi

More information

*16 22 Phato SABATHA MOTŠEARE OA MANTSIBOEA. Deut. 32:4; Ps. 28:1; Johanne 17; Johanne 15:1 5; Matt. 7:1 5; Matt. 5:23, 24; 18:15 18.

*16 22 Phato SABATHA MOTŠEARE OA MANTSIBOEA. Deut. 32:4; Ps. 28:1; Johanne 17; Johanne 15:1 5; Matt. 7:1 5; Matt. 5:23, 24; 18:15 18. Thuto ea 8 *16 22 Phato Kereke SABATHA MOTŠEARE OA MANTSIBOEA Bakeng sa Boithuto ba Beke Ena Bala: Deut. 32:4; Ps. 28:1; Johanne 17; Johanne 15:1 5; Matt. 7:1 5; Matt. 5:23, 24; 18:15 18. Temana ea Khopolo:

More information

PULA IMVULA. Jwalo ka ha ho etsahala bophelong ba. Sekgahla sa mycotoxin bophelong ba diphoofolo. Bala ka hare: Phato 2017

PULA IMVULA. Jwalo ka ha ho etsahala bophelong ba. Sekgahla sa mycotoxin bophelong ba diphoofolo. Bala ka hare: Phato 2017 PULA IMVULA >> GROWING FOOD >> GROWING PEOPLE >> GROWING PROSPERITY >> Phato 2017 Sekgahla sa mycotoxin bophelong ba diphoofolo Koranta ya Grain SA ya bahlahisi ba ntseng ba hola Bala ka hare: 04 Kopana

More information

Moapostola wa Bophelo. 16 Phupjane Hlakola Novena Prayer

Moapostola wa Bophelo. 16 Phupjane Hlakola Novena Prayer TSHIMANGADZO SAMUEL BENEDICT DASWA Moapostola wa Bophelo 16 Phupjane 1946 02 Hlakola 1990 Novena Prayer -1- SEDIKA SA TZANEEN P. O. BOX 261 TZANEEN 0850 SOUTH AFRICA TEL: (015) 307 5244 FAX: (015) 307

More information

Moena Neville, le Moena Capps, le Moena Collins, le basebeletsi MOSEBETSI O TSWILENG MATSOHO 1

Moena Neville, le Moena Capps, le Moena Collins, le basebeletsi MOSEBETSI O TSWILENG MATSOHO 1 MOSEBETSI O TSWILENG MATSOHO 1 ` Ha re inamiseng dihlooho tsa rona jwale bakeng sa thapelo. E re dihlooho tsa rona le dipelo di sa inamisitswe pela Modimo, ke ke a ipotsa ke ba bakae ka mona ba nang le

More information

SESOTHO HOME LANGUAGE LESSON PLAN EXEMPLARS GRADE 3 TERM

SESOTHO HOME LANGUAGE LESSON PLAN EXEMPLARS GRADE 3 TERM SESOTHO HOME LANGUAGE LESSON PLAN EXEMPLARS GRADE 3 TERM 4 2009 Province of the EASTERN CAPE DEPARTMENT OF EDUCATION CURRICULUM SECTION NOTE TO SCHOOL MANAGEMENT TEAMS AND TEACHERS IN THE FOUNDATION PHASE

More information

HLOMAMISO 1 HLOMAMISO

HLOMAMISO 1 HLOMAMISO HLOMAMISO 1 HLOMAMISO ` Ke Modimo, ke phetho. Ke motlalahohle. Le a bona? O hohle. Ke ne ke hopotse ho e tlohela e leketlile le ho bona hore e itshwarella jwang, le a tseba. Ke motlalahohle. O^Hoo ho Mo

More information

UNIVERSITY OF SWAZILAND FINAL EXAMINATION PAPER- MAY 2012 SECOND LANGUAGE (SOUTHERN SOTHO) 1. ANSWER ALL THE QUESTIONS.

UNIVERSITY OF SWAZILAND FINAL EXAMINATION PAPER- MAY 2012 SECOND LANGUAGE (SOUTHERN SOTHO) 1. ANSWER ALL THE QUESTIONS. UNIVERSITY OF SWAZILAND FINAL EXAMINATION PAPER- MAY 2012 BADEGREE TITLE OF PAPER: COURSE NUMBER: INTRODUCTION TO THE GRAMMAR OF A SECOND LANGUAGE (SOUTHERN SOTHO) AL316/316 IDE TIME ALLOWED: THREE HOURS

More information

GRADE 10 SETSWANA PUOTLALELETSO YA BOBEDI PAMPIRI YA BORARO 4. NATIONAL SENIOR CERTIFICATE EXAMINATION MADUO: 80. NAKO: 3 diura

GRADE 10 SETSWANA PUOTLALELETSO YA BOBEDI PAMPIRI YA BORARO 4. NATIONAL SENIOR CERTIFICATE EXAMINATION MADUO: 80. NAKO: 3 diura 4. NATIONAL SENIOR CERTIFICATE EXAMINATION GRADE 10 SETSWANA PUOTLALELETSO YA BOBEDI PAMPIRI YA BORARO MADUO: 80 NAKO: 3 diura This question paper consists of 7 pages. Setswana/SAL/P3 2 DoE/Exemplar DITAELO

More information

Drive your imagination. Happy birthday, Nal'ibali! Mahlohonolo a Letsatsi la Tswalo, Nal'ibali! Read with me. Every day. Bala le nna. Kamehla.

Drive your imagination. Happy birthday, Nal'ibali! Mahlohonolo a Letsatsi la Tswalo, Nal'ibali! Read with me. Every day. Bala le nna. Kamehla. dition 68 esotho, nglish appy birthday, al'ibali! t s our second birthday! Yes, that s right, on 5 June 2014 the al ibali supplement has been around for two years! We re the only bilingual reading-for-enjoyment

More information

LETSHWAO LA SEBATA 1. Letshwao La Sebata

LETSHWAO LA SEBATA 1. Letshwao La Sebata LETSHWAO LA SEBATA 1 Letshwao La Sebata ` Jwale, hosasa bosiu^kamehla re hlahisa ntho e le nngwe, Morena Jesu Kreste, ke phetho, mme e leng hore thato ya Hae e Kgethehileng ke efe ho rona re loketseng

More information

Buka ya ka ya Tirogae (2)

Buka ya ka ya Tirogae (2) Buka ya ka ya Tirogae (2) Leina: Ngwaga: Sekolo: Ditebogo Re eletsa go Leboga mafelo a a lomaganeng le mafaratlhatlha a a latelang ka go re neela dithusathuto tsa bona: http://www.math-drills.com/addition.shtml

More information

The$Management$of$Spinal$Pain$without$ Serious$Pathology$or$Neurological$Deficits$

The$Management$of$Spinal$Pain$without$ Serious$Pathology$or$Neurological$Deficits$ April$2013$ The$Management$of$Spinal$Pain$without$ Serious$Pathology$or$Neurological$Deficits$ Presenta;on$to:$World$Spine$Care$Conference,$Mahalapye$ Botswana$clinics$are$primary$spine$care$clinics$ $

More information

6. Temo ea lifate tsa litholoana

6. Temo ea lifate tsa litholoana 6. Temo ea lifate tsa litholoana Selelekela Ho oa lumelleha hore mefuta e mengata ea lifate tsa litholoana e ka lengoa ho pota lelapa. Li ka itlhahisetsoa ka mokhoa oa peo, ka ho khaola makalana ho tsoa

More information

Published by Nalane ka Fezekile Futhwa PO Box 1452 Alberton 1450

Published by Nalane ka Fezekile Futhwa PO Box 1452 Alberton 1450 Published by Nalane ka Fezekile Futhwa PO Box 1452 Alberton 1450 Web: www.nalane.net / www.futhwa.org.za Email: ffuthwa@nalane.net / fezekile@futhwa.org.za Copyright 2011 by Fezekile Futhwa First Published:

More information

Feesprogram / Festival Programme

Feesprogram / Festival Programme Feesprogram / Festival Programme 8-14 Jul Uitvoerings Performances 10-14 Jul Kunstemark Arts Market Kaartjieverkope open 11 Mei 2018 by Computicket Ticket sales open 11 May 2018 at Computicket R25 www.vrystaatkunstefees.co.za

More information

Government Gazette Staatskoerant

Government Gazette Staatskoerant Government Gazette Staatskoerant REPUBLIC OF SOUTH AFRICA REPUBLIEK VAN SUID-AFRIKA Vol. 567 Pretoria, 6 September 2012 No. 35656 N.B. The Government Printing Works will not be held responsible for the

More information

tse di rileng tse di tshwanetseng go gakologelwa fa re uma mmidi.

tse di rileng tse di tshwanetseng go gakologelwa fa re uma mmidi. PULA IMVULA >> GROWING FOOD >> GROWING PEOPLE >> GROWING PROSPERITY >> Phatwe 2018 MMIDI gakologelwa dintlha tse ka Phatwe le Lwetse Lekwalo la Grain SA la balemipotlana Bala moteng: Mo athikeleng e ke

More information

Government Gazette Staatskoerant

Government Gazette Staatskoerant Government Gazette Staatskoerant REPUBLIC OF SOUTH AFRICA REPUBLIEK VAN SUID AFRIKA Regulation Gazette No. 10177 Regulasiekoerant Vol. 606 15 December Desember 2015 No. 39510 MANUAL IN ACCORDANCE WITH

More information

MADU A A PHUNYEGILENG

MADU A A PHUNYEGILENG MADU A A PHUNYEGILENG A re rapeleng. Morena, jaanong re a dumela. Re dumela mo, go Morwa Modimo, mme, ka sena, re amogela Botshelo jo Bosakhutleng ka Ene. Jaanong re phuthegile gape, maitseboeng ano, kgotsa

More information

Mr Jeremiah Madiba CHIEF EXECUTIVE OFFICER

Mr Jeremiah Madiba CHIEF EXECUTIVE OFFICER CHIEF EXECUTIVE OFFICER S REPORT C Mr Jeremiah Madiba CHIEF EXECUTIVE OFFICER As we ponder AgriSETA's successful operation over the past year, I wonder whether what Davis said in 1998 about "training being

More information

SSB/TRP/MDM 2009(54) Peer reviewed and revised

SSB/TRP/MDM 2009(54) Peer reviewed and revised How a focus on asset performance might help Breaking New Ground contribute towards poverty reduction and overcome the two-economies divide Kecia Rust, Tanya Zack and Mark Napier Peer reviewed and revised

More information

THOTLOETSO. Dulang. 2 Ke itumetse tshokologong eno go ema fano gape, mme fa. 3 Jalo, fela ke batla go bua sena, motlhang ke fitlhang kwa

THOTLOETSO. Dulang. 2 Ke itumetse tshokologong eno go ema fano gape, mme fa. 3 Jalo, fela ke batla go bua sena, motlhang ke fitlhang kwa THOTLOETSO Rraetsho wa Legodimo, rona ka mmannete re a go leboga, tshokologong ena ka ntlha ya sena, tshiamelo e nngwe go ema mo felong ga therelo, go itsise matlotlo a a sa phuruphutsegeng a ga Jesu Keresete,

More information

NATIONAL SENIOR CERTIFICATE KREITI YA 12

NATIONAL SENIOR CERTIFICATE KREITI YA 12 NATIONAL SENIOR CERTIFICATE KREITI YA 12 SEPEDI LELEME LA GAE (HL) LEPHEPHE LA PELE (P1) NOFEMERE 2009 MEMORANTAMO MEPUTSO: 70 Palomoka ya matlakala a memorantamo ke 7. Sepedi Leleme la Gae (HL)/P1 2 DoE/Nofemere

More information

Expression 889. Manual. Stitches. Sewing Machine. + On/off switch + 4 step button hole + Stitch width control. Bukanayaditaelo Ibhukwa Lemiyalelo

Expression 889. Manual. Stitches. Sewing Machine. + On/off switch + 4 step button hole + Stitch width control. Bukanayaditaelo Ibhukwa Lemiyalelo Expression 889 Sewing Machine Motjhini o Rokang wa Umshini Wokuthunga Wakwa 18 Stitches + On/off switch + 4 step button hole + Stitch width control Manual Bukanayaditaelo Ibhukwa Lemiyalelo 2 3 4 5 6 7

More information

koranta eabasebetsi april 1974

koranta eabasebetsi april 1974 koranta eabasebetsi april 1974 TSA MOHLOPHISI Ho na le mengolo e mengata leqepheng lena la 'Base4> betsi'. Ho bolelwa kamoo basebetsi ba ka ipopang kateng, le mathata a fumanwang ke basebetsi ba lekang

More information

thuto Lefapha la Thuto REPHABOLIKI YA AFERIKA BORWA Pegelo ya Kharikhulamo ya Bosetπhaba Kereiti (Tsela ya go Ithuta ya Kakaretso) DIPUO

thuto Lefapha la Thuto REPHABOLIKI YA AFERIKA BORWA Pegelo ya Kharikhulamo ya Bosetπhaba Kereiti (Tsela ya go Ithuta ya Kakaretso) DIPUO thuto Lefapha la Thuto REPHABOLIKI YA AFERIKA BORWA Pegelo ya Kharikhulamo ya Bosetπhaba Kereiti 10-12 (Tsela ya go Ithuta ya Kakaretso) DIPUO SETSWANA PUOTLALELETSO YA NTLHA Lefapha la Thuto Sol Plaatje

More information

ba habo, a tšelela a nyala moetsalibe, mosebeletsi oa lisèto, a rapela melingoana. A nyala Jesebele. Me e se molumeli.

ba habo, a tšelela a nyala moetsalibe, mosebeletsi oa lisèto, a rapela melingoana. A nyala Jesebele. Me e se molumeli. KHOLISEHA KA MOLIMO, Me Le baleha tjena. Eaba Elia oa Thishba, oa mojaki Gileade, o re ho Akabe, Ka JEHOVA Molimo oa Iseraele ea utloang, eo ke emeng pel a hae, ha ho ka ke ha lala phoka leha e le ho na

More information

MADU A A PHUNYEGILENG

MADU A A PHUNYEGILENG MADU A A PHUNYEGILENG Morena, ke a dumela; Morena, ke a dumela,, Dilo tsotlhe di a kgonega; Morena, ke a dumela. 2 A re saleng re eme fela ka sebakanyana mme re obamiseng ditlhogo tsa rona. Morena Jesu,

More information

baanelwa ba diteng; baanelwa ba thulaganyo; baanelwa ba ba sa itekanelang; le baanelwa ba ba itekanetseng.

baanelwa ba diteng; baanelwa ba thulaganyo; baanelwa ba ba sa itekanelang; le baanelwa ba ba itekanetseng. KGAOLO YA BOTLHANO 5.1 BAANELWA 5.1.1 Matseno Mo kgaolong e, go ya go sekasekiwa baanelwa gore ke eng le tshenolo ya semelo sa baanelwa ba basadi go tlhokometswe mefuta ya bona. Mefuta ya baanelwa e tla

More information

NATIONAL SENIOR CERTIFICATE MOPHATO 12

NATIONAL SENIOR CERTIFICATE MOPHATO 12 NATIONAL SENIOR CERTIFICATE MOPHATO 12 SETSWANA PUO YA GAE (HL) PAMPIRI YA NTLHA (P1) TLHAKOLE/MOPITLWE 2016 MADUO: 70 NAKO: Diura di le 2 Pampiri e, e na le ditsebe di le 11. Setswana Puo ya Gae (HL)/P1

More information

Bukana e e dirilwe ka thotoetso ya batho ba lefatshe la America ka lenaneo la Presidents Emergency Plan for Aids Relief (PEPFAR) le U.

Bukana e e dirilwe ka thotoetso ya batho ba lefatshe la America ka lenaneo la Presidents Emergency Plan for Aids Relief (PEPFAR) le U. Bukana e e dirilwe ka thotoetso ya batho ba lefatshe la America ka lenaneo la Presidents Emergency Plan for Aids Relief (PEPFAR) le U.S Agency for International Development, USAID ka fa tlase ga tumalano

More information

Boleo kgatlhano le Modimo

Boleo kgatlhano le Modimo "Ge batho bao ba bitswang ka leina la me, ba ka ikokobetsa, ba rapela, ba batla sefathlego sa me le go sokologa mo ditselang tsa bona tsa bolotsana nna ke tla utlwa ke le kwa legodimong, ke ba itshwarele

More information

Kereke Le Seemo Sa Yone

Kereke Le Seemo Sa Yone Kereke Le Seemo Sa Yone Bolwetse jo bo sa tlwaelesegang thata tota jwa ngwana yo, o tlaa gopolwang bogolo segolo jang mo thapelong mosong ona, jalo rona go tlhomame re batla rotlhe go dira seo. Dingaka

More information

LEFAPHA LA TEMOTHUO, JALO YA DIKGWA LE BODIRELATLHAPI REPHABOLIKI YA AFORIKABORWA

LEFAPHA LA TEMOTHUO, JALO YA DIKGWA LE BODIRELATLHAPI REPHABOLIKI YA AFORIKABORWA LEFAPHA LA TEMOTHUO, JALO YA DIKGWA LE BODIRELATLHAPI REPHABOLIKI YA AFORIKABORWA Bukana e rulagantswe g ya ka karl 14 ya Mla wa Thtlets ya Phitlhelel ya Tshedimsets wa 2000 (Mla wa N. 2 wa 2000) E rulagantswe

More information

YBB e fentse sekgele gatlhano jaanong Badirammogo

YBB e fentse sekgele gatlhano jaanong Badirammogo eish! Lekwalodikgang la YBB KGATISO 5 No 6 Diphalane 2011 YBB e fentse sekgele gatlhano jaanong Badirammogo Basadi ba bonwa baitseanape ba bina rock and roll KAEDI 2 YBB e ntsha ga tshwene mo kgaisanong

More information

PUSO YA DIKGAOLO MO BOTSWANA BUKANA YA LENANEO LA BONG

PUSO YA DIKGAOLO MO BOTSWANA BUKANA YA LENANEO LA BONG PUSO YA DIKGAOLO MO BOTSWANA BUKANA YA LENANEO LA BONG Gender links (GL) is a Southern African NGO that is committed to a region in which women and men are able to realise their full potential and participate

More information

O rata LovCash thata. YBB e tlhagisa Motseleganyi wa Ngwaga. Patlisiso e e tlhomologile ya HIV go thusa bomme le bana

O rata LovCash thata. YBB e tlhagisa Motseleganyi wa Ngwaga. Patlisiso e e tlhomologile ya HIV go thusa bomme le bana eish! KGATISO 7 No 6 Diphalane 2013 Lekwalodikgang la YBB Patlisiso e e tlhomologile ya HIV go thusa bomme le bana O rata LovCash thata YBB e tlhagisa Motseleganyi wa Ngwaga Kaedi 2 Repisa dithapo gannye

More information

Die Rektor en Visekanselier, prof.

Die Rektor en Visekanselier, prof. December 2006-8 Amptelike nuusblad van die personeel van die UV / Official newsletter of the staff of the UFS / Phatlalatso ya Semmuso ya ba Basebetsi ba Yunivesithi ya Freistata Personeel en studente

More information

Bolemirui ba mofuta mongwe le mongwe. Nako e gorogile go tlhoma MOLEMIRUI WA NGWAGA. Bala Moteng: DIPHALANE Lekwalo la Grain SA la balemipotlana

Bolemirui ba mofuta mongwe le mongwe. Nako e gorogile go tlhoma MOLEMIRUI WA NGWAGA. Bala Moteng: DIPHALANE Lekwalo la Grain SA la balemipotlana PULA IMVULA >> GROWING FOOD >> GROWING PEOPLE >> GROWING PROSPERITY >> DIPHALANE 2013 Nako e gorogile go tlhoma MOLEMIRUI WA NGWAGA Lekwalo la Grain SA la balemipotlana Bala Moteng: 03 Setlha sa go jwala

More information

Bakaulengwe, go molemo go

Bakaulengwe, go molemo go MOLAETSA WA BOPORESIDENTE JWA NTLHA, NGWANATSELE 2015 Bakaulengwe, go molemo go nna le lona gape. Jaaka le itse, sale rele mmogo ka Moranang, re nnile le tatlhegelo ya ba Aposetolo bale bararo: Moporesidente

More information

PEGELO YA PHOLISI YA BOSETŠHABA YA KHARIKHULAMO LE TLHATLHOBO MEPHATO R-3

PEGELO YA PHOLISI YA BOSETŠHABA YA KHARIKHULAMO LE TLHATLHOBO MEPHATO R-3 PEGELO YA PHOLISI YA BOSETŠHABA YA KHARIKHULAMO LE TLHATLHOBO MEPHATO R-3 SETSWANA PUO YA GAE 1 KAROLO 1 1.1 Lemorago Pegelo ya Pholisi ya Bosetšhaba ya Kharikhulamo le Tlhatlhobo Pegelo ya Kharikhulamo

More information

Gated communities in South Africa: Tensions between the planning ideal and practice

Gated communities in South Africa: Tensions between the planning ideal and practice Wetenskaplike artikels Research articles Gated communities in South Africa: Tensions between the planning ideal and practice Karina Landman Peer reviewed and revised Abstract Gated communities are considered

More information

Die afgelope tyd was baie moeilik

Die afgelope tyd was baie moeilik March 2008-2 Amptelike nuusblad van die personeel van die UV / Official newsletter of the staff of the UFS / Phatlalatso ya Semmuso ya ba Basebetsi ba Yunivesithi ya Freistata Kom ons vat hande op die

More information

CLEARANCE APPLICATION. A: Application Details. B: Conveyancer / Attorney Details

CLEARANCE APPLICATION. A: Application Details. B: Conveyancer / Attorney Details City of Johannesburg Metropolitan Municipality Revenue Shared Services Centre Group Finance Thuso House 61 Jorissen Street Braamfontein PO Box 5000 Johannesburg South Africa 2000 www.joburg.org.za CLEARANCE

More information

Alles aan die UV is in rep en roer vir die

Alles aan die UV is in rep en roer vir die March 2006-2 Amptelike nuusblad van die personeel van die UV / Official newsletter of the staff of the UFS / Phatlalatso ya Semmuso ya ba Basebetsi ba Yunivesithi ya Freistata Die tyd is reg vir gehalteversekering

More information

Cambridge International Examinations Cambridge Ordinary Level

Cambridge International Examinations Cambridge Ordinary Level Cambridge International Examinations Cambridge Ordinary Level *8523701720* SETSWANA 3158/02 Paper 2 Literature October/November 2017 No Additional Materials are required. 1 hour 30 minutes READ THESE INSTRUCTIONS

More information

Alumni. Awards/Toekennings

Alumni. Awards/Toekennings Alumni Awards/Toekennings NWU honours outstanding alumni The NWU is proud of its alumni and has again decided to publicly recognise them for their personal and career achievements and for exemplary contributions

More information

KGATISO 8 No 6 Diphalane Lekwalodikgang la Badirammogo ba YBB Madiba Mop Manie

KGATISO 8 No 6 Diphalane Lekwalodikgang la Badirammogo ba YBB Madiba Mop Manie eish! KGATISO 8 No 6 Diphalane 2014 Lekwalodikgang la Badirammogo ba YBB Bolelela lefatshe ka patlisiso ya rona Ditiro tsa Letsatsi la Madibadi solegela baagi molemo Mop Manie o rata thata go ithuta a

More information

UNIVERSITY OF CAMBRIDGE INTERNATIONAL EXAMINATIONS General Certificate of Education Ordinary Level

UNIVERSITY OF CAMBRIDGE INTERNATIONAL EXAMINATIONS General Certificate of Education Ordinary Level UNIVERSITY OF CAMBRIDGE INTERNATIONAL EXAMINATIONS General Certificate of Education Ordinary Level *7839075051* SETSWANA 3158/02 Paper 2 Literature October/November 2011 Additional Materials: Answer Booklet/Paper

More information

Mangoroo e anela ka ga mathata, rnangoroo

Mangoroo e anela ka ga mathata, rnangoroo KGlOID 4 4. 0 :oolt.nedi K> 00 MAin:M> 4. 1 MA'I'SEN) Mangoroo ke maitibolo a ga Mmileng, M.T. roo bokwalapading ba gagwe. E phasaladitswe la ntlha ka ngwaga wa 1975. Ke roofuta roongwe wa dikwalo tsa

More information

UNIVERSITY OF CAMBRIDGE INTERNATIONAL EXAMINATIONS General Certificate of Education Ordinary Level

UNIVERSITY OF CAMBRIDGE INTERNATIONAL EXAMINATIONS General Certificate of Education Ordinary Level UNIVERSITY OF CAMBRIDGE INTERNATIONAL EXAMINATIONS General Certificate of Education Ordinary Level *0554137142* SETSWANA 3158/01 Paper 1 Language October/November 2010 Additional Materials: Answer Booklet/Paper

More information

E.K.K. MATLALA: MONGWADI WA DITAODIŠO TŠA MATHOMO TŠA SEPEDI

E.K.K. MATLALA: MONGWADI WA DITAODIŠO TŠA MATHOMO TŠA SEPEDI E.K.K. MATLALA: MONGWADI WA DITAODIŠO TŠA MATHOMO TŠA SEPEDI F.M. KANYANE E.K.K. MATLALA: MONGWADI WA DITAODIŠO TŠA MATHOMO TŠA SEPEDI ka FRANCINAH MOKGOBO KANYANE e neelanwe bjalo ka karolo go ya ka dinyakwa

More information

Boitsholo jo bo itshekileng 01203_763_Chastity.indd 1 4/18/13 9:52 AM

Boitsholo jo bo itshekileng 01203_763_Chastity.indd 1 4/18/13 9:52 AM Boitsholo jo bo itshekileng Rara wa Gago yo o kwa Legodimong o a go rata mme o batla gore o itumele gompieno le go isa bo senang bokhutlho. O re file kgakololo le melao ka baporofiti ba Gagwe go go thusa.

More information

Selling price Verkoopprys: R2,50 Other countries Buitelands: R3,25 PRETORIA, 28 SEPTEMBER 1998 GENERAL NOTICE NOTICE 2496 OF 1998

Selling price Verkoopprys: R2,50 Other countries Buitelands: R3,25 PRETORIA, 28 SEPTEMBER 1998 GENERAL NOTICE NOTICE 2496 OF 1998 q q Selling price Verkoopprys: R2,50 Other countries Buitelands: R3,25 Vol. 4 PRETORIA, 28 SEPTEMBER 1998 No. 534 GENERAL NOTICE NOTICE 2496 OF 1998 GAUTENG DEPARTMENT OF EDUCATION EXAMINATIONS AND ASSESSMENT

More information

41/2/9 Student Affairs Programs and Services General Correspondence, Box 1:

41/2/9 Student Affairs Programs and Services General Correspondence, Box 1: Record Series Number The materials listed in this document are available for research at the University of Illinois Archives. For more information, email illiarch@illinois.edu or search http://www.library.illinois.edu/archives/archon

More information

TO IMPROVE LIVESTOCK BOREHOLE DATABASE IN KGALAGADI DISTRICT COMMUNAL GRAZING AREA

TO IMPROVE LIVESTOCK BOREHOLE DATABASE IN KGALAGADI DISTRICT COMMUNAL GRAZING AREA TO IMPROVE LIVESTOCK BOREHOLE DATABASE IN KGALAGADI DISTRICT COMMUNAL GRAZING AREA 1 P a g e 2 P a g e ACKNOWLEDGEMENTS The team would like to thank the staff and board members of the Main and Sub Land

More information

Kanegelo ya Nimirode: Re lebelela diphihlelelo tša gagwe ka lefsa

Kanegelo ya Nimirode: Re lebelela diphihlelelo tša gagwe ka lefsa Page 1 of 9 Kanegelo ya Nimirode: Re lebelela diphihlelelo tša gagwe ka lefsa Author: Elelwani B. Farisani 1 Affiliation: 1 Department Old Testament and Ancient Near Eastern Studies, University of South

More information

Ge mofetoledi (1987: vii) a bolela ka ga puku yeo ya Kristeva, ore:

Ge mofetoledi (1987: vii) a bolela ka ga puku yeo ya Kristeva, ore: 1. KGAOLO Y A PELE 1.1 MATSENO Pele ga ge go ka nyakisiswa kanegelorato, kgopolo yeo e swanetse go hlaloswa. Gabotse kanegelorato e tlo nepisa go ganetswa ga lerato la merafe ye e fapafapanego. Go ka se

More information

Academic Achievers Awards 2016

Academic Achievers Awards 2016 Academic Achievers Awards 2016 Toekennings vir Akademiese Presteerders Difoka tša Thuto tša Bao ba Atlegilego www.up.ac.za The University of Pretoria congratulates our academics on exceptional academic

More information

Visie, Waardes en Missie

Visie, Waardes en Missie Visie, Waardes en Missie Visie Om n toonaangewende universiteit in Afrika te wees, gedryf deur die strewe na kennis en innovasie. Waardes Die Noordwes-Universiteit onderskryf die waar des van menswaardigheid,

More information

61 Knowling Mead, Tenby OFFERS IN REGION OF 170,000

61 Knowling Mead, Tenby OFFERS IN REGION OF 170,000 w w w. c h a n d l e r r o g e r s. c o. u k 61 Knowling Mead, Tenby OFFERS IN REGION OF 170,000 Semi-detached House 3 Bedrooms, Bathroom On Street Parking Close To Schools Gardens Front & Rear Short Walk

More information

NWU JUNIE Gesels saam op. Johnson-broers besoek Fakulteit. RSG gesels met dr Mandie Uys. Partners in Education

NWU JUNIE Gesels saam op. Johnson-broers besoek Fakulteit. RSG gesels met dr Mandie Uys. Partners in Education Oppad met OPVOEDINGSWETENSKAPPE @ NWU JUNIE 2012 Gesels saam op Johnson-broers besoek Fakulteit RSG gesels met dr Mandie Uys Partners in Education Inhoudsopgawe Partners in Education Vakgroep-nuus Message

More information

ENNIAH MATEMANE LEKGANYANE

ENNIAH MATEMANE LEKGANYANE NOTO-YA-MASOGANA: PADI VA BOITSHWARO ka ENNIAH MATEMANE LEKGANYANE E neelanwa go ya ka dinyakwa tsa tikri ya MAGISTER ARTIUM ka LEFAPHENG LA POLELO LE DINGWALO LE FILOSOFI MOHLAHLI: DR M.J. MOJALEFA MOTHUSI:

More information

ART ARCHIVES - SOUTH AFRICA. Edin CURRIE-WOOD Paintings, graphics

ART ARCHIVES - SOUTH AFRICA. Edin CURRIE-WOOD Paintings, graphics ART ARCHIVES - SOUTH AFRICA Edin CURRIE-WOOD 1919-2001 Paintings, graphics Edin Currie-Wood in 1962 (illustrated in Contemporaries / Tydegenote 1963 ) Brief CV Edin Godfrey Currie-Wood was born at sea

More information

City of Stockton Official Records in San Joaquin County Historical Society and Museum (Feb. 11, 2010)

City of Stockton Official Records in San Joaquin County Historical Society and Museum (Feb. 11, 2010) City of Stockton Official Records in San Joaquin County Historical Society and Museum (Feb. 11, 2010) Assessor s Office Assessment Lists 1857 Assessment Lists 1858 Assessment Lists 1860, 1861 Assessment

More information

VISIE, WAARDES EN MISSIE

VISIE, WAARDES EN MISSIE VISIE, WAARDES EN MISSIE Visie Om 'n toonaangewende universiteit in Afrika te wees, gedryf deur die strewe na kennis en innovasie. Waardes Die Noordwes-Universiteit onderskryf die waardes van menswaardigheid,

More information

FOR SALE - NEW PRICE!

FOR SALE - NEW PRICE! Hecate Pine Fifth FOR SALE - NEW PRICE! Meticulously Maintained 12-Suite Apartment Building in Nanaimo Opportunity Highlights Invest in rapidly - growing Nanaimo! 10,593 sf lot within walking distance

More information

Moms are models! Bomma ke mehlala! Drive your imagination. Story Power. Bring it home. Tliša maatla a kanegelo ka gae.

Moms are models! Bomma ke mehlala! Drive your imagination. Story Power. Bring it home. Tliša maatla a kanegelo ka gae. Editin 94 Sepedi, English Mms are mdels! We are ften great mirrrs fr ur children. We have the pwer t affect nt nly the way in which they think, but als what they d in their lives. Smangele Mathebula, mther

More information

REQUIRED DOCUMENTATION

REQUIRED DOCUMENTATION COUNTY OF ALBEMARLE DIRECTOR OF FINANCE 401 MCINTIRE ROAD CHARLOTTESVILLE VA 22902 REAL ESTATE TAX RELIEF FOR ELDERLY AND/OR DISABLED PERSONS RENEWAL APPLICATION FILING DEADLINE IS APRIL 2, 2018 First

More information

This text was narrated by Stephen Theseira ( ), Praya Lane, Malacca, 1981.

This text was narrated by Stephen Theseira ( ), Praya Lane, Malacca, 1981. Glossed text See p. 129-130 in: Baxter, Alan N. 2013. Papiá Kristang. In: Michaelis, Susanne Maria & Maurer, Philippe & Haspelmath, Martin & Huber, Magnus (eds.) The Survey of Pidgin and Creole Languages,

More information

REQUIRED DOCUMENTATION

REQUIRED DOCUMENTATION COUNTY OF ALBEMARLE DIRECTOR OF FINANCE 401 MCINTIRE ROAD CHARLOTTESVILLE VA 22902 REAL ESTATE TAX RELIEF FOR THE ELDERLY OR DISABLED RENEWAL APPLICATION FILING DEADLINE IS APRIL 1, 2016 First time applicants

More information

Y2Y Champ Middle - Results

Y2Y Champ Middle - Results 1 MA 6127 CHU YAU MAN 00:34:55 2 MA 6122 LI SING WAI 00:36:39 3 MA 6146 YU TSZ FUNG 00:39:57 4 MA 6138 SHIU CHIT HEI 00:41:11 5 MA 6116 CHUNG AUSTIN 00:42:24 6 MA 6137 CHEUNG YAN WAI 00:44:23 7 MA 6113

More information

REPORT ON THE COLLECTION

REPORT ON THE COLLECTION REPORT ON THE COLLECTION OF KING LETSIE III s PRAISE POETRY BY DR.LEHLOHONOLO PHAFOLI June 2015 i Dedication To His Majesty King Letsie 111 ii Acknowledgements I wish to thank all those who contributed

More information

Annex B. Notification and Registration Public Participation Material

Annex B. Notification and Registration Public Participation Material Annex B Notification and Registration Public Participation Material B1 BACKGROUND INFORMATION DOCUMENT B1.1 ENGLISH ENVIRONMENTAL RESOURCES MANAGEMENT B1 BACKGROUND INFORMATION DOCUMENT AND INVITATION

More information

Government Gazette Staatskoerant

Government Gazette Staatskoerant Government Gazette Staatskoerant REPUBLIC OF SOUTH AFRICA REPUBLIEK VAN SUID-AFRIKA Vol. 573 Pretoria, 25 March Maart 2013 No. 36293 N.B. The Government Printing Works will not be held responsible for

More information

TOWNSHIP DEVELOPMENT & CONVEYANCING

TOWNSHIP DEVELOPMENT & CONVEYANCING TOWNSHIP DEVELOPMENT & CONVEYANCING 2017/2018 YOUR LEGAL EXPERTS IN DEVELOPMENT CONVEYANCING WHO ARE WE? STBB SMITH TABATA BUCHANAN BOYES Established in 1900 Largest property practice in SA Well-established

More information

Academic Achievers Awards. Toekennings vir Akademiese Presteerders Difoka tša Thuto tša Bao ba Atlegilego

Academic Achievers Awards. Toekennings vir Akademiese Presteerders Difoka tša Thuto tša Bao ba Atlegilego 2015 Academic Achievers Awards Toekennings vir Akademiese Presteerders Difoka tša Thuto tša Bao ba Atlegilego 1 The University of Pretoria congratulates all our academics who have shown exceptional academic

More information

AIDS. HELPLINE I oaoo I. We all have the power to prevent AIDS. Prevention is the cure

AIDS. HELPLINE I oaoo I. We all have the power to prevent AIDS. Prevention is the cure Selling price Verkoopprys: R2,50 Other countries Buitelands: R3,25 Vol. 6 PRETORA, 8 SEPTEMBER 2000 No. 126 We all have the power to prevent ADS Prevention is the cure ADS HELPLNE oaoo 012 322 DEPARTMENT

More information

FOR SALE EXQUISITE FAMILY HOME. Bracken House, Cosher, Kilmuckridge, Co Wexford

FOR SALE EXQUISITE FAMILY HOME. Bracken House, Cosher, Kilmuckridge, Co Wexford FOR SALE BER B EXQUISITE FAMILY HOME REF 2760 Bracken House, Cosher, Kilmuckridge, Co Wexford Five Bedroomed Detached C. 284 SQM/ C. 3057 SQFT By Private Treaty A TRULY BESPOKE ARCHITECTURALLY DESIGNED

More information

Koudjay SYDNEY GUILLAUME. Music by. for SSA Chorus, unaccompanied. Text by GABRIEL T. GUILLAUME. Copyright 2008 Sydney Guillaume All Rights Reserved

Koudjay SYDNEY GUILLAUME. Music by. for SSA Chorus, unaccompanied. Text by GABRIEL T. GUILLAUME. Copyright 2008 Sydney Guillaume All Rights Reserved Koudjay for SSA Chorus, unaccompanied Music by SYDNEY GUILLAUME Text by GABRIEL T. GUILLAUME Copyright 2008 Sydney Guillaume All Rights Reserved Yon lè pou plante Yon lè pou kòlte. Yon lè pou travay Yon

More information

Provincial Gazette Provinsiale Koerant Gazete ya Xifundzankulu Kuranta ya Profense Gazethe ya Vundu

Provincial Gazette Provinsiale Koerant Gazete ya Xifundzankulu Kuranta ya Profense Gazethe ya Vundu : LIMPOPO PROVINCE LIMPOPO PROVINSIE XIFUNDZANKULU XA LIMPOPO REPUBLIC REPUBLIIEK PROFENSE YA LIMPOPO OF VAN VUNDU ḼA LIMPOPO SOUTH AFRICA SUID-AFRIKA IPHROVINSI YELIMPOPO Provincial Gazette Provinsiale

More information

L A S COLINA S PL A Z A

L A S COLINA S PL A Z A L A S COLINA S PL A Z A P R E M I E R GROC E RY A NC HOR E D C E N T E R I N L A S COL I NA S 4 0 4 0 N M AC A R T H U R B O U L E VA R D I RV I NG, T EX A S 75038 EDGE R E A LT Y PA R TN E R S 5950 Berkshire

More information

Consideration of a Redevelopment Area Designation for the Study Area

Consideration of a Redevelopment Area Designation for the Study Area attracts trespassers as has occurred through the past two decades. Absent redevelopment of the property, the abandoned buildings and the two dredge lakes will continue to be attractive nuisances that the

More information

JAARVERSLAG 2013 Omslag_vir litho_finaal_5 Aug_converted.indd /08/05 10:40:00 AM

JAARVERSLAG 2013 Omslag_vir litho_finaal_5 Aug_converted.indd /08/05 10:40:00 AM JRVERSLAG 2013 155555 1111 NWU-fakulteite 33 NWU-kampusse 15 ingeskrewe studente 2004 2013 40 145 60 975 7 608 NWU-personeellede 476 7 PhD s toegeken kwalifikasies toegeken 2004 2013 9 657 15 464 = 60,1%

More information

UNIVERSITY CITY ENTERTAINMENT DISTRICT

UNIVERSITY CITY ENTERTAINMENT DISTRICT 223 N Graham Street Charlotte, NC 28202 V: 704.333.0325 F: 704.332.3246 www.landesign.com 85 N Un E 85 T A T S iv Ikea er si ty INTE Ci ty N Tr yon d St IN TE S TA TE l ea y sit ty Ci vd Bl r ive Un Bl

More information

NOTE ON EXPROPRIATION

NOTE ON EXPROPRIATION NOTE ON EXPROPRIATION 1 The Socio-Economic Rights Institute of South Africa (SERI) is a non-profit company, registered as a public interest law centre. We conduct research, advocacy and litigation to assist

More information

SEE ENLARGEMENT 'A' SHEET 1 OF 2 SHEETS 502 DP PEN MARK ON BOTTOM OF METAL FENCE m P MARK ON METAL FENCE

SEE ENLARGEMENT 'A' SHEET 1 OF 2 SHEETS 502 DP PEN MARK ON BOTTOM OF METAL FENCE m P MARK ON METAL FENCE Tue Jun 1 11::07 17 SURVEY STRATA PLAN 555 SHEET 1 OF 2 SHEETS PLAN OF LOT 501 ON DP 60 CERTIFICATE OF TITLE LOCAL GOVERNMENT INDEX PLAN FIELD BOOK SCALE 1:00 AT A NAME OF SCHEME ADDRESS OF PARCEL MANAGEMENT

More information

Appendix C Legal Description and Property Ownership

Appendix C Legal Description and Property Ownership Special Use Permit Application Energy Fuels Resources Corporation Piñon Ridge Mill Facility Montrose County, Colorado Appendix C Legal Description and Property Ownership C-1 Visus Consulting Group, Inc.

More information